Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 31:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Dilemo tsa ka di mashome a mabedi tseo ke o sebeleditseng ka tsona ka tlung ya hao; dilemo tse leshome le metso e mene bakeng sa baradi ba hao ba babedi, le dilemo tse tsheletseng bakeng sa mehlape ya hao; mme o fetotse moputso wa ka haleshome.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

41 Ka lemo tsena tse mashome a mabedi ke bile ka tlung ya hao; ka tse leshome le metso e mene tsa tsona ka sebeletsa ho fumana baradi ba hao ba babedi, mme ka lemo tse tsheletseng ka sebeletsa mehlape ya hao. Ka makgetlo a leshome o ile wa fetola moputso wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 31:41
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o hlole ditshiu tse ding ha hae, ho fihlela ho befelwa ha moholwane wa hao ho ba ho kokobela;


Yaba Labane o re ho Jakobo: Haele moo o le ngwaneso, na o tla ntshebeletsa feela? Ako mpolelle hore moputso wa hao e tla ba eng?


A ba a re: Mpehele moputso wa hao, mme ke tla o nea.


Ke dutse ho wena ka dilemo tsena tse mashome a mabedi; dinku tsa hao le dipodi tsa hao ha di a ka tsa folotsa, le dipheleu tsa mohlape wa hao ha ke a ka ka di ja.


Ka etsa jwalo, ke qetwa ke letsatsi motshehare, le ke serame bosiu, boroko bo le siyo mahlong a ka.


Le a tseba hoba ke sebeleditse ntata lona ka matla a ka wohle,


empa ntata lona o nthetsitse, o fetotse moputso wa ka haleshome; leha ho le jwalo, Modimo ha o a ka wa mo dumella hore a nketse hampe.


a a laela, a re: Le tle le re ho Esau, morenaka: Jakobo, mohlanka wa hao, o re: Ke ne ke jakile ho Labane, ka dula teng ho fihlela jwale;


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; mme mohau wa wona ho nna ha o a ka wa eba lefeela; empa, ke ba fetisitse bohle hole ka ho sebetsa; empa e seng nna, e leng mohau wa Modimo o ho nna.


ke bile maetong hangata; ke batlile ke timella dinokeng, ka batla ke timela hara mashodu, ka batla ke timetswa ke ba setjhaba sa heso, ka batla ke timetswa ke baditjhaba, ka batla ke timella metseng, ka batla ke timella mafeelleng, ka batla ke timella lewatleng, ka batla ke timetswa ke baena ba mahata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ