Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 31:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Ke dutse ho wena ka dilemo tsena tse mashome a mabedi; dinku tsa hao le dipodi tsa hao ha di a ka tsa folotsa, le dipheleu tsa mohlape wa hao ha ke a ka ka di ja.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

38 “Ka dilemo tsena tse mashome a mabedi tseo ke bileng le wena ka tsona, dinku tsa hao le dipodi tsa hao ha di a ka tsa folotsa, mme ha ke eso ka ke itjella dipheleu tsa mohlape wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 31:38
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Labane a re ho yena: A nke ke fumane mohau mahlong a hao, hobane ke lemohile hoba Jehova o ntlhohonolofaditse ka baka la hao.


Jakobo a re ho yena: O tseba kamoo ke o sebeleditseng kateng, le kamoo mehlape ya hao e eketsehileng ho nna kateng.


Hobane o ne o na le ntho di se kae, ha ke eso ho tle, empa jwale, di atile haholo, mme Jehova o o file lehlohonolo haesale ke etla; mme jwale, ntlo ya ka yona ke tla e sebeletsa neneng?


Ya na ya re mohla dinku di itlhokisang, ka lelatsa mahlo a ka, ka tadima ke ntse ke lora, ka bona dipheleu tse hlokang dinku e le tse tshasa, le tse thobosha, le tse rolo.


Ha o tswa fatakanya mesebetsi ya ka kaofela, ke efe ya mesebetsi yohle ya ntlo ya hao eo o e fumaneng na? E bee mona pela banabeso le banabeno, ba tle ba re ahlolele.


Ha ke a ka ka o tlisetsa tse harotsweng; ke nna ke senyehetsweng ke tsona; o batlile diatleng tsa ka tse utswitsweng motshehare, le tse utswitsweng bosiu.


Ho ke ke ha eba mosadi ya tswang mpa, kapa ya nyopileng lefatsheng la hao; hape, ke tla phetha palo ya ditshiu tsa hao.


Bana ba hao ba tla hlohonolofatswa, le dijo tse behwang ke lefatshe la hao, le tse tswalwang ke makgomo a hao le katiso ya dikgomo tsa hao, le dikonyana tsa manku a hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ