Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 31:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Yaba Jakobo o halefa, a omanya Labane. Jakobo a fetola Labane, a re: Sebe sa ka ke sefe, mme molato wa ka ke ofe, oo o mphalletseng ka baka la wona na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 Jwale Jakobo a halefa, a omanya Labane. Jakobo a re ho Labane: “Molato wa ka ke ofe? Sebe sa ka ke sefe, ha e le moo o ntelekisa ka matla tjee?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 31:36
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jakobo o halefela Ragele, a re: A ke eme bakeng sa Modimo o o hanetseng le ho beleha na?


Yaba Ragele o re ho ntatae: Morena wa me a se ke a halefa, ha ke sitwa ho ema pela hao, hobane ke na le seo basadi ba nang le sona. A batla diterafime, a se ke a di bona.


Ha o tswa fatakanya mesebetsi ya ka kaofela, ke efe ya mesebetsi yohle ya ntlo ya hao eo o e fumaneng na? E bee mona pela banabeso le banabeno, ba tle ba re ahlolele.


Bara ba Jakobo, eitse ha ba utlwa taba tsena ba etswa naheng, banna bao ba tlalwa ke dipelo, ba halefa hampe, kahobane Sikeme a entse manyala ho Iseraele, a robetse le moradi wa Jakobo, a entse taba e se tshwanelang ho etswa.


Ho rohakwe bohale ba bona, hobane e bile bo tukang, le kgalefo ya bona, hobane e ne e sa qenehele! Ke tla ba qadikanya hara Jakobo, ke ba hasanye hara Iseraele.


Monna wa Modimo a mo halefela, a re: Hoja eba o otlile hahlano, leha e le hatshelela, ekabeba o hlotse Basiria, wa ba wa ba qeta; athe jwale o tla hlola Basiria hararo feela.


Empa Naamane a halefa, a tloha, a re: Bonang, ke be ke lekantse hore o tla tswela ho nna, a eme, a bitse lebitso la Jehova, Modimo wa hae, a mpikitle ka letsoho la hae moo ke nang le bohloko, a mphodise lepera.


Motho e mobe o a balehe, leha a sa phallelwe, empa ba lokileng ba iketlile jwaloka tau e ntjha.


Yaba Moshe o hlabeha haholo, a re ho Jehova: O se ke wa amohela nyehelo ya bona. Ha ke eso ho ba ke ba amoha leha e le esele feela, mme ha ke a senyetsa le a mong wa bona.


Ba tsekisa Moshe, ba re: Hoja ra timela mohla banababo rona ba timelang pela Jehova!


A ba habanya ka bohale, a swabile ke bothata ba dipelo tsa bona; yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.


Ekare ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lona;


Jonathane a fetola Saule, ntatae, a re ho yena: O tla bolaelwang? o entseng na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ