Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 31:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Empa, leha ho tsamayeng o tsamaile ka baka la hobane o hlolohetswe ntlo ya ntatao ka ho fetisisa, na o utsweditseng medimo ya ka na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Jwale ha o tsamaile, hobane o ne o se o hlolohetswe lelapa leno, medimo ya ka yona o e utsweditseng?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 31:30
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Athe Labane o ne a ile ho kuta dinku tsa hae. Yaba Ragele o utswa diterafime tsa ntatae.


Jakobo a fetola, a re ho Labane: Ke hobane ke ne ke tshaba, ke re, ekaba o tla nkamoha baradi ba hao.


Yaba Jakobo o re ho ba ntlo ya hae, le ho bohle ba neng ba na le yena: Lahlang medimo esele e hara lona; le itlhatswe, le apare diaparo disele.


Teng, Bafilesta ba lahla le ditshwantsho tsa medimo ya bona, mme Davida le banna ba hae ba ya le tsona.


Ka bosiu boo, ke tla haola ka naha ya Egepeta, ke otle matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla hlahisa dikahlolo hodima medimo ya Egepeta. Ke nna Jehova.


a akgetse medimo ya tsona mollong, hobane e ne e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.


Le tla ba bolella jwalo, le re: Medimo e sa kang ya etsa mahodimo le lefatshe, yona e tla tloswa lefatsheng le katlasa lehodimo.


Ke tla hotetsa mollo matlung a medimo ya Egepeta; Nebukadresare o tla a tjhesa, a ise medimo kgolehong; o tla ipopa ka lefatshe la Egepeta jwaloka modisa ha a ipopa ka kobo ya hae, mme o tla tloha teng ka kgotso.


Hobane morena wa Babilona o eme mmileng o moholo maarohanong a ditsela tse pedi, hore a etse bonohe; o shohlomanya metsu, o botsa diterafime, o tadima sebete.


A mo arapa, a re: Nke ke ka ya, empa ke tla kgutlela lefatsheng la heso, le ho banabeso.


ha Baegepeta ba ntse ba epela matsibolo wohle, ao Jehova a a bolaileng hara bona, mohla Jehova a neng a hlahise dikahlolo hodima medimo ya bona.


Joshua a re ho setjhaba kaofela: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: mehleng ya boholo-holo, bontata lona ba ne ba ahile mose wane ho noka, e le Tera, ntata Abrahama le Nakore; ba ne ba sebeletsa medimo esele.


Jwale, banna ba bahlano ba neng ba ile ho hlwela naha, ba nyoloha, ba kena, mme ba nka setshwantsho se betlilweng, le efoda, le diterafime, le setshwantsho se tsholotsweng, moprista yena a ntse a eme monyako hammoho le banna ba makgolo a tsheletseng ba hlometseng.


A re: Le nkile medimo ya ka eo ke e entseng, le moprista wa ka, mme le ile le bona; jwale, ke saletswe ke eng na? Le mpotsa jwang, ha le re: O jewa keng?


Joase a fetola batho kaofela ba tlileng ho yena, a re: Hleka ke lona le tla tsekela Baale na? Na ke lona le tla mo pholosa na? Ya tla mo tsekela o tla shwa e eso ho be hosasa. Ha Baale e le modimo, a itsekele e le yena, ha aletare ya hae e heleditswe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ