Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 31:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Yaba Labane o re ho Jakobo: O entseng haele moo o thobile wa mphantsha, wa inkela baradi ba ka jwaloka hoja ba hapilwe ka thebe?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Yaba Labane o re ho Jakobo: “O entseng, ha o nthobetse tjee, mme o nkile baradi ba ka jwalokaha eka ba hapilwe ntweng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 31:26
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Faro o bitsa Abrame, a re: O nketseditseng taba eo? Ha o a ka wa mopolella keng hoba ke mosadi wa hao?


Ka baka lena, monna o tla tlohela ntatae le mmae, o tla kgomarela mosadi wa hae, mme e tla ba nama e le nngwe feela.


Abimeleke a re: O re etseditseng taba eo? Hle! motho e mong o ba a ka robala le mosadi wa hao, mme wa re tlama ka molato!


Yare ha bo esa, Jakobo a tshoha ha a bona hoba ke Lea, mme a re ho Labane: Ke taba e jwang eo o nkentseng yona? Ha ke a ka ka o sebeletsa bakeng sa Ragele na? Ke ka baka lang ha o nkgohlisitse na?


Jehova Modimo a bolella mosadi, a re: Na keng eo o e entseng? Mosadi a re: Noha e nthetsitse, mme ke jele.


Hobane letlotlo lohle leo Modimo o le amohileng ntata rona, ke la rona le la bana ba rona; etsa tsohle tseo Modimo o o laetseng tsona.


Yaba Labane o fihlela Jakobo. Jakobo o ne a hlomile tente ya hae thabeng, mme Labane le banababo le bona ba hloma thabeng ya Gileade.


O balehile ka sephiring ka baka lang, wa ikutswa ho nna, o sa ka wa mpolella na? Athe nka be ke o kgutlisitse ka thabo, le ka dipina, le ka meropa, le ka dithomo.


Yaba Jakobo o halefa, a omanya Labane. Jakobo a fetola Labane, a re: Sebe sa ka ke sefe, mme molato wa ka ke ofe, oo o mphalletseng ka baka la wona na?


Le matlotlo a bona kaofela, le bana ba bona kaofela, le basadi ba bona ba ba hapa, mme ba nka le tsohle tse neng di le ka matlung.


Jehova a re: O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le howeletsa ho nna le etswa mobung.


Pilato a araba, a re: Na ke Mojuda, na? Setjhaba sa heno le baprista ba baholo ba o neetse nna; o entseng?


Yaba Joshua o re ho Akane: Mora ka, nea Jehova, Modimo wa Iseraele, letlotlo, mme o mo rorise; o ntsebise le seo o se entseng, o se ke wa mpatela sona.


Yaba Saule o re ho Jonathane: Ntsebise seo o se entseng. Jonathane a mo tsebisa, a re: Ke fela ke latswitse dinotshi hanyenyane ka ntlha ya lere leo ke neng ke le tshwere; ke nna enwa, nke ke shwe!


Davida a re: Ke entseng jwale? Molato o kae, ha ke bua jwalo?


Ba ne ba tshwere basadi ba teng, ba sa ka ba bolaya motho, leha e le e monyenyane, leha e le e moholo; ba ne ba ile le bona, ba itsamaetse ka tsela ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ