Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 31:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Athe Labane o ne a ile ho kuta dinku tsa hae. Yaba Ragele o utswa diterafime tsa ntatae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Ha Labane a ilo kuta dinku tsa hae, Ragele a utswa medimo ya lelapa la ntatae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 31:19
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

haese hobane o ka ya tlung ya ntate, le mofuteng wa ka, mme o nkele mora wa ka mosadi teng.


Jakobo a thobela Labane Moarame jwalo, a se ke a mo tsebisa ha a tloha.


Empa, leha ho tsamayeng o tsamaile ka baka la hobane o hlolohetswe ntlo ya ntatao ka ho fetisisa, na o utsweditseng medimo ya ka na?


Empa eo o fumanang medimo ya hao ho yena, a se ke a phela! Pontsheng ya banababo rona, batla ntho ya hao ho nna, mme o e nke. Kanthe Jakobo ha a tsebe hobane Ragele o e utswitse.


Ragele o ne a nkile diterafime, a di kentse qhaneng ya kamele; o ne a dutse hodima tsona. Labane a batlisisa tente kahohle, a se ke a di fumana.


Yaba Ragele o re ho ntatae: Morena wa me a se ke a halefa, ha ke sitwa ho ema pela hao, hobane ke na le seo basadi ba nang le sona. A batla diterafime, a se ke a di bona.


Yaba Jakobo o re ho ba ntlo ya hae, le ho bohle ba neng ba na le yena: Lahlang medimo esele e hara lona; le itlhatswe, le apare diaparo disele.


Tamare a bolellwa, ha thwe: Bona, matsalao o nyolohetse Thimna ho kuta dinku tsa hae.


Eitse hobane ho fete dilemo tse pedi, Absalome a ba le bakuti Baale-Hatsore, naheng ya Efraime, mme Absalome a memela bara bohle ba morena teng.


Haele baloi le dinohe, le diterafime le ditshwantsho, le manyala wohle a neng a bonwa fatsheng la Juda le Jerusalema, Josiase a di lahla, hore a tsose ditaba tsa molao tse ngodilweng bukeng e fumanweng ke moprista Hilkia tlung ya Jehova.


Hobane morena wa Babilona o eme mmileng o moholo maarohanong a ditsela tse pedi, hore a etse bonohe; o shohlomanya metsu, o botsa diterafime, o tadima sebete.


Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime.


Joshua a re ho setjhaba kaofela: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: mehleng ya boholo-holo, bontata lona ba ne ba ahile mose wane ho noka, e le Tera, ntata Abrahama le Nakore; ba ne ba sebeletsa medimo esele.


Ba ikemisetsa setshwantsho se betlilweng, se entsweng ke Mika, mme ha nna ha eba jwalo ka ditshiu tsohle tseo ntlo ya Modimo e nnileng ya eba Silo ka tsona.


Hobane boikgantsho bo ka sebe sa bonohe, mme bohata bo tshwana le tshebeletso ya ditshwantsho le ya diterafime; erekaha o lahlile taelo ya Jehova, le yena o o lahlile, hore o se ke wa nna wa ba morena.


Mikale a nka terafime, a e kenya diphateng tsa Davida, a e rwesa boya ba podi hloohong, a e apesa le ka kobo.


Moo Maone, ha bo ho le monna, eo mehlape ya hae e leng Karmele; e ne e le motho ya ruileng haholo, a ena le dikete tse hlano tsa dinku, le sekete se le seng sa dipodi; o ne a ile ho kuta dinku tsa hae Karmele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ