Ke moo ho loka ha ka ho tla nkemela mehleng e tlang, mohla o tlang ho bona moputso wa ka; e nngwe le e nngwe e seng tshasana, kapa thoboshana hara dipodi, le e seng kgunwana hara dinku tsa ka, etlaba ke ya boshudu ho nna.
Yaba ka lona tsatsi leo o kgetha dipodi tse tona kaofela tse tshasa le tse thobosha, le dipodi tse tshehadi kaofela tse tshasana le tse thoboshana, le tsohle tse nang le bosuwana, le tse kgunwana hara dinku, a di nea bara ba hae matsohong.
Ke rata ha le ka bua bohle ka dipuo, empa haholoholo ke rata ha le ka porofeta; hobane ya porofetang o fetisa ya buang ka dipuo, haese ha eo a ka fetola, kereke e tle e fumane kgahiso.
Hobane nka rata ha batho bohle ba ka ba jwaloka nna; empa motho ka mong o na le neo ya hae e mo lokelang, e tswang ho Modimo, e mong ka mokgwa o itseng, e mong ka osele.