Eitse ha Jakobo a oroha naheng mantsiboya, Lea a tswa, a ya mo kgahlanyetsa, a re: O tla tla ha ka, hobane ke o ananne ruri ka diduda tsa mora wa me. Yaba o robala le yena ka bosiu boo.
Jehova a re: Ke bone, ke bontshisitse ho tshwenyeha ha tjhaba sa ka Egepeta; ke utlwile ho meketsa ha bona bakeng sa batubi ba bona, hobane ke tseba mahlomola a bona.
Empa lengeloi la re o yena: Se tshabe, Sakaria, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mme mosadi wa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.