Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 29:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 A ba a emola hape, a tswala mora, a re: Kajeno, ke tla boka Jehova. Ka baka lena, a mo rea lebitso la Juda (poko ya Jehova). Yaba o dula ho beleha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Ya boela ya eba moimana hape, a tswala mora, mme a re: “Jwale ke tla boka Morena.” Ka baka lena, a mo rea lebitso la Juda; yaba o kgaotsa ho beleha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 29:35
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha Lea a bona hoba o dutse ho beleha, a nka Silpa, lekgabunyane la hae, a mo nea Jakobo, hore e be mosadi wa hae.


Bara ba Silpa, lekgabunyane la Lea, ke Gade, le Asere. Ke bona bara ba Jakobo bao a ba tswaletsweng Paddan-Arame.


Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Peretse, le Sera. Empa Ere le Onane ba ne ba shwele naheng ya Kanana. Bara ba Peretse e ne e le Hetsrone, le Hamule.


Hobane ke Juda ya ileng a feta banababo, mme ke ho yena ho tswileng morena; leha ho le jwalo, ditokelo tsa boholo ba ho tswalwa e ne e le tsa Josefa.


Moeding wa Rubene, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke Juda.


Ho bara ba Juda, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.


Ke ana mabitso a banna bao: Bakeng sa leloko la Juda, Kalebe, mora Jefunne;


Abrahama a tswala Isaaka; Isaaka a tswala Jakobo; Jakobo a tswala Juda le banababo;


Hlohonolofatso ya Juda ke ena: Moshe a re: Jehova, utlwa lentswe la Juda, o mo ise setjhabeng sa hae; matsoho a hae a mo lwanele, mme o be thuso ya hae ho lwantsha dira tsa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ