Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 29:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 A boela a emola, a tswala mora, a re: Jwale, lekgetlo lena monna wa ka o tla kgomarelana le nna, hobane ke mo tswaletse bara ba bararo. Ka baka lena, a rewa lebitso la Levi (kgomarelano).

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

34 Ya boela ya eba moimana, a tswala mora, mme a re: “Jwale monna wa ka o tla nkgomarela, hobane ke mo tswaletse bara ba bararo.” Ka baka lena, enwa a mo rea lebitso la Levi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 29:34
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Lea o re: Modimo o ntshitsitse ka neo e ntle; jwale, monna wa me o tla dula ha ka, hobane ke mo tswaletse bara ba tsheletseng. Mme a mo rea lebitso la Sabulone (moaho).


Yare ka tsatsi la boraro ha ba ntse ba petla, bara ba babedi ba Jakobo, Simeone le Levi, kgaitsedi tsa Dina, ba nka e mong le e mong lerumo la hae, ba ya, motse o iketlile, ba hlaba ba batona kaofela.


Bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e mmedi. Bara ba Lea ke Rubene, mora wa Jakobo wa letsibolo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Issaskare, le Sabulone.


Yaba Adama o tseba Eva, mosadi wa hae, mme a emola, a tswala Kaine, a re: Ke itswaletse monna ka thuso ya Jehova.


Bara ba Levi: Gershone, Kehathe, le Merari.


Monna wa ntlo ya Levi a ya, a nyala morwetsana wa leloko la Levi.


ba leloko la Simeone ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Levi ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Isakare ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ