Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 29:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 A boela a emola, a tswala mora, a re: Kahobane Jehova o utlwile hore ke hloilwe, o boetse o nneile le enwa; mme a mo rea lebitso la Simeone (kutlo).

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Ya eba moimane hape, a tswala mora, mme a re: “Ruri Morena o utlwile hore ha ke ratwe, mme o mphile mora enwa hape.” Yaba o mo rea lebitso la Simeone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 29:33
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lea a re: Jehova o nneile moputso wa me, kamoo ke neileng monna wa me lekgabunyane la me. A mo rea lebitso la Issaskare (moputso).


Yaba Lea o re: Modimo o ntshitsitse ka neo e ntle; jwale, monna wa me o tla dula ha ka, hobane ke mo tswaletse bara ba tsheletseng. Mme a mo rea lebitso la Sabulone (moaho).


Yaba Ragele o re: Modimo o nkahloletse, o bile o mametse lentswe la ka, o nneile mora. Ka baka leo, a mo rea lebitso la Dane (moahlodi).


Ragele a re: Ke lwanne le moholwane wa me ntwa e kang ya Modimo, ke bile ke mo hlotse. Yaba o mo rea lebitso la Nefthali (ntwa ya ka).


Yare ka tsatsi la boraro ha ba ntse ba petla, bara ba babedi ba Jakobo, Simeone le Levi, kgaitsedi tsa Dina, ba nka e mong le e mong lerumo la hae, ba ya, motse o iketlile, ba hlaba ba batona kaofela.


Yaba Jakobo o re ho Simeone le ho Levi: Le ntsieditse ka ho nketsa sebodu ho baahi ba naha, ho Bakanana le ho Bafarese, kanthe batho ba ka ha ba bakae, mme jwale ba tla mpokanela, ba mpolaye, mme ke tla timetswa nna le ntlo ya ka.


Bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e mmedi. Bara ba Lea ke Rubene, mora wa Jakobo wa letsibolo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Issaskare, le Sabulone.


Josefa a ba tlohela, a ya lla. Yaba o boela a kgutlela ho bona, a bua le bona, a kgetha Simeone ho bona, a mo tlama pela bona.


Moeding wa Benjamine, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke Simeone.


bakeng sa leloko la bara ba Simeone, Samuele, mora Ammihude;


Ekare ha motho a ena le basadi ba babedi, e mong e le ya ratwang, e mong e le ya hloilweng, mme ya ratwang le ya sa ratweng ba mo tswaletse bana, mme mora wa letsibolo e le mora wa mosadi ya hloilweng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ