Genese 29:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)32 Lea a emola, a tswala mora, a mo rea lebitso la Rubene (bonang mora), kahobane a ne a re: Jehova o tadimile ho hlora ha ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE32 Lea ya eba moimana, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Rubene, hobane o ne a re: “Ruri Morena o bone matshwenyeho a ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Bana ke bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele. E ne e le yena letsibolo; empa kahobane a ne a silafaditse malao a ntatae, boholo ba hae ba ho tswalwa bo ne bo neilwe bara ba Josefa, mora Iseraele; leha ho le jwalo, e ne e se hore Josefa a ngolwe mangolong a meloko ka ho re o na le boholo ba ho tswalwa.
A itlama ka kano, a re: Jehova wa makgotla, ha o ka tadimisisa bohloko ba lekgabunyane la hao, leha o ka nkgopola, o sa lebale lekgabunyane la hao, leha o ka fa lekgabunyane la hao ngwana e motona, ke tla mo neela Jehova ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, mme lehare ha le ka ke la mmeola hlooho.