Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 29:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Yare ha bo esa, Jakobo a tshoha ha a bona hoba ke Lea, mme a re ho Labane: Ke taba e jwang eo o nkentseng yona? Ha ke a ka ka o sebeletsa bakeng sa Ragele na? Ke ka baka lang ha o nkgohlisitse na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Yare ha bo esa, bo bonahala hore ke Lea, Jakobo a re ho Labane: “Ke eng ee, eo o nketseditseng yona? Na ha ke o sebeletsa, ke ne ke sa sebeletse hore o nnee Ragele? Jwale o nthetseditseng?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 29:25
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Faro o bitsa Abrame, a re: O nketseditseng taba eo? Ha o a ka wa mopolella keng hoba ke mosadi wa hao?


Abimeleke a bitsa Abrahama, a re ho yena: O re entseng? Kapa ke o sitetswe kae, ha o tla tlisa molato o moholo hakalo hodima ka le hodima mmuso wa ka? O nkentse taba e sa keng e be e etswe.


Abimeleke a re: O re etseditseng taba eo? Hle! motho e mong o ba a ka robala le mosadi wa hao, mme wa re tlama ka molato!


Labane o ne a na le baradi ba babedi, lebitso la e moholo e le Lea, lebitso la e monyenyane e le Ragele.


Labane a nka Silpa, lekgabunyane la hae, a mo nea Lea, moradi wa hae, hore e be lefielo la hae.


Labane a re: Ha ho ke ho etswa jwalo mona haeso, hore e monyenyane a ntshwe pele ho e moholo.


Yaba Labane o re ho Jakobo: O entseng haele moo o thobile wa mphantsha, wa inkela baradi ba ka jwaloka hoja ba hapilwe ka thebe?


empa ntata lona o nthetsitse, o fetotse moputso wa ka haleshome; leha ho le jwalo, Modimo ha o a ka wa mo dumella hore a nketse hampe.


Bonang! ha esita motho ya lokileng a fuwa moputso wa hae lefatsheng lena, ho tla ba jwang ho e mobe le ho moetsadibe!


Mme jwale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lona; hobane ke wona molao le baporofeta.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.


A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka.


mosebetsi wa e mong le e mong o tla bonahala; hobane o tla hlahiswa pontsheng ke letsatsi, etswe o tla bonahatswa ke mollo, mme mollo o tla leka mosebetsi wa e mong le e mong hoba o jwang.


Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.


Yaba Adoni-Beseke o re: Marena a mashome a supileng a pomilweng menwana e metona ya matsoho le ya maoto, a ne a thola makumane katlasa tafole ya ka. Modimo o buseditse ho nna seo ke se entseng. Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela teng.


Batho bohle ba neng ba le kgotla le baholo, ba re: Re dipaki. Jehova a etse mosadi eo, ya kenang ka tlung ya hao, jwaloka Ragele le jwaloka Lea, e leng bona ba babedi ba hahileng ntlo ya Iseraele; o bonahatse matla a hao Efrata, mme lebitso la hao le tume Bethlehema!


Mosadi ha a bona Samuele, a meketsa; mme mosadi a fetola Saule, a re: O nthetseditseng na, athe ke wena Saule?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ