Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 29:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Jakobo a rata Ragele, a re: Ke tla o sebeletsa ka dilemo tse supileng, ha o ka nnea Ragele, moradi wa hao e monyenyane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Jakobo o ne a rata Ragele, mme a re: “Ke tla o sebeletsa ka dilemo tse supileng, ke sebeletsa ho fumana Ragele, moradi wa hao e monyenyane.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 29:18
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Isaaka a isa Rebeka ka tenteng ya Sara, mmae, a mo nka hore e be mosadi wa hae, a mo rata; mme Isaaka a tshediseha bakeng sa mmae.


Labane a re: Ho molemo ha nka o nea yena ho fetisa ha nka mo nea monna e mong; itulele ha ka.


Jakobo a nna a sebelletsa Ragele ka dilemo tse supileng, mme tsa eba ho yena jwaloka matsatsi a seng makae, kahobane a ne a mo rata.


Jakobo a ba a ya le ho Ragele; a mpa a rata Ragele ho feta Lea; mme a boela a sebeletsa Labane ka dilemo tse ding tse supileng.


O nnee basadi ba ka le bana ba ka, bao ke ba sebeleditseng ho wena, ke ikele, etswe o tseba tshebeletso ya ka eo ke o sebeleditseng ka yona.


Dilemo tsa ka di mashome a mabedi tseo ke o sebeleditseng ka tsona ka tlung ya hao; dilemo tse leshome le metso e mene bakeng sa baradi ba hao ba babedi, le dilemo tse tsheletseng bakeng sa mehlape ya hao; mme o fetotse moputso wa ka haleshome.


mpalleng thepa ya bohadi leha e ka ba kgolo, kapa dimpho, mme ke tla le nea kamoo le mpolellang kateng; empa le nnee morwetsana, e be mosadi wa ka.


Davida a romela manqosa ho Ishe-Boshethe, mora Saule, a re: Nnee Mikale, mosadi wa ka, eo ke inyaletseng yena ka lekgolo la mengala ya Bafilesta.


Jakobo o ne a balehele naheng ya Siria; Iseraele a sebelletsa mosadi; ho rua mosadi a iketsa modisa.


Yaba ke ipatlela yena ka ditjhelete tse leshome le metso e mehlano le ka tekanyo ya harese e lekanang homere e nang le halofo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ