Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 29:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yare ha Labane a utlwa ditaba tsa Jakobo, mora kgaitsedie, a titima, a mo kgahlanyetsa, a mo phothoma, a mo aka, a mo tlisa ka tlung ya hae. Yaba o bolella Labane ditaba tseo kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Yare ha Labane a utlwa ditaba tsa Jakobo motjhana hae, a matha ho ya mo kgahlanyetsa, a mo kopa molaleng, a mo aka, a mo isa ka tlung ya hae. Jakobo a bolella Labane tsena tsohle,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 29:13
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Rebeka o ne a na le kgaitsedi, lebitso la hae e le Labane. Yaba Labane o a tswa, a mathela kantle ho monna sedibeng.


A re: Tloo, mohlohonolofatsuwa wa Jehova! O duletseng kantle na, kanthe ke se ke lokisitse ntlo le sebaka sa dikamele?


Yaba monna eo o kena ka tlung; mme Labane a mo qhanollela dikamele tsa hae, a ba a nea dikamele mooko le furu, a mo fa le metsi a hlatswang maoto a hae le maoto a batho ba nang le yena.


Esau a titima ho mo kgahlanyetsa, a mo phothoma a wela molaleng wa hae, a mo aka; mme a lla.


A ba a aka banababo kaofela, a lla le bona; yaba banababo ba buisana le yena.


Jwale, setjhaba sohle sa tshela Jordane, le yena morena a tshela, a ntoo aka Barsillai, a mo hlohonolofatsa, Barsillai a ba a ipoella ha hae.


Yaba Moshe o ya kgahlanyetsa mowehadi wa hae, a inama, a mo aka, mme hoba ba botsane tsa ho phela ha bona, ba ntoo kena tenteng.


Jehova o ne a itse ho Aarone: Tsamaya, o yo kgahlanyetsa Moshe lefeelleng. O na be a ile, a mo fumana thabeng ya Modimo, a mo aka.


Ha o a ka wa nkaka; empa enwa, esale a kena, ha a ka a phetsa ho aka maoto a ka.


Yaba ba tshwarwa bohle ke ho lla haholoholo; ba itihela molaleng wa Pauluse, ba mo aka.


Dumedisanang ka kako e halalelang. Dikereke tsa Kreste kaofela di a le dumedisa.


Tsamayang ka bohlale pela ba kantle, le ntse le lopolla dinako.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ