Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 27:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Yaba Isaaka o a nyaroha, a tshoha haholo ka ho fetisisa, a re: Ke mang ya tsomileng phoofolo, a e tlisa ho nna, mme ka ja tsohle o eso ho tle, ka ba ka mo hlohonolofatsa, mme o tla fela a hlohonolofale?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Isaka a thothomela haholo, a re: “E ne e le mang he, ya ileng a ya tsoma phoofolo, mme a e tlisa ho nna, ka e ja yohle, o eso fihle, mme ka ba ka mo hlohonolofatsa? E, o tla hlohonolofala!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 27:33
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a re ho yena: Ditjhaba tse pedi di ka popelong ya hao; mefuta e mmedi e tla ikarohanya e etswa maleng a hao, setjhaba se tla hlola setjhaba se seng, mme e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.


A re: Moenao o tlile ka mano, o inketse lehlohonolo la hao.


Isaaka a bitsa Jakobo, a mo hlohonolofatsa, a mo laela, a re ho yena: O se ke wa inkela mosadi ho baradi ba Kanana.


Leha ke hopola hoo, ke ye ke timellwe ke mehopolo, mme nama ya ka e sisimohe.


Pelo ya ka e tshohile ke hona, e sisimoloha tulong tsa yona!


Tshabo le thothomelo di nkeneletse, tshoho e nkimetse.


Bona, ke laetswe ho hlohonolofatsa! O hlohonolofaditse, nke ke ka ho fetola.


Senokwane ha se tle haese ho utswa, le ho hlaba, le ho timetsa feela; nna, ke tlile hore di be le bophelo, di bo bone ka ho fetisisa.


Hobane dineo tsa Modimo le pitso ya wona ha di na ho kwenehelwa ke wona.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;


Ka tumelo, Isaaka o kile a sitsa Jakobo le Esau ka hlohonolofatso e lebileng ho tse tlang ho tla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ