Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 27:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ditjhaba di ke di o sebeletse, merabe e iname tlasa hao! O be morena wa banabeno, mme bara ba mmao ba iname pela hao! Ho rohakwe ya o rohakang, mme ho hlohonolofatswe ya o hlohonolofatsang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Ditjhaba di ke di o sebeletse, mme merabe e ke e o kgumamele. Eba morena wa bana beno, bana beno ba o kgumamele. Bohle ba o rohakang ba ke ba rohakehe, mme bohle ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofale.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 27:29
40 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang, mme mefuta yohle ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho wena.


Jakobo a re: Ntlhapanyetse he pele. Yaba o a mo hlapanyetsa, a rekisa ka boholwane ba hae ho Jakobo.


Yare Isaaka ha a sa tswa qeta ho hlohonolofatsa Jakobo, mme Jakobo a sa tswa tswa pontsheng ya Isaaka, ntatae, Esau, moholwane wa hae, a fihla a etswa tsholong.


Isaaka a arabela Esau, a re: Bona, ke mo entse morena wa hao, mme ke mo neile banababo kaofela hore e be bahlanka ba hae; ke bile ke mo babaletse le ka koro le veine; mme jwale wena, nka o neang, mora wa ka?


empa o tla phela ka lerumo la hao, o sebeletse moenao; etlare ha o etsa ka matla, o tla roba joko ya hae, o e kwele molaleng wa hao.


A bolella ntatae le banababo; yaba ntatae o a mo kgalemela, a re ho yena: Keng toro eo o e lorileng? Hleka ruri nna, le mmao, le banabeno, re tla tla, re inamele fatshe pela hao na?


Ke lorile re tlama mangata masimong, mme ka bona mangata a lona a teela ngata ya ka hare, a inama pela yona.


Modimo o atolose Jafeta, a dule ditenteng tsa Sema, mme Kanana e be mohlanka wa hae.


Ba setseng ba Basodoma, ba neng ba siilwe mehleng ya ntatae Asa, a ba fiela naheng.


Salomone a busa mebuso yohle ho tloha nokeng, ho ya fihla naheng ya Bafilesta, le ho ya moeding wa Egepeta; bohle ba ne ba tlisetsa Salomone dinyehelo, ba mo sebeletsa ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.


Hobane ke Juda ya ileng a feta banababo, mme ke ho yena ho tswileng morena; leha ho le jwalo, ditokelo tsa boholo ba ho tswalwa e ne e le tsa Josefa.


O tla busa ho nka lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho nka nokeng ho isa dipheletsong tsa lefatshe.


Ho itswe ke Jehova: Ho tla tla ho wena maruo a Egepeta le tse hwebilweng tsa Ethiopia, le Basaba, banna ba ditopo di telele, mme e tla ba ba hao; ba tla o latela, ba tle ho wena ka mahlaahlela, ba kgumame pela hao, ba ithapelle ho wena, ba re: Efela Modimo o na le wena, o mong ha o yo; ha ho Modimo, haese wona.


Marena e tla ba bafepi ba hao, mafumahadi a wona e be baanyesi ba hao; ba tla itihela fatshe ka difahleho pela hao, ba nyeke lerole le maotong a hao; mme o tla tseba hobane ke nna Jehova, le hobane ba ntshepang ba ke ke ba swaba.


Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.


Hobane ditjhaba le mebuso e tlang ho hana ho o sebeletsa, e tla fela; ditjhaba tseo di tla senyeha hampe.


Bara ba bahlorisi ba hao ba tla tla ho wena, ba ikokobeditse; ba o nyatsitseng kaofela ba tla inama maotong a hao; ba tla o bitsa: motse wa Jehova, Sione wa Mohalaledi wa Iseraele.


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Na nka rohaka jwang eo Modimo o sa kang wa mo rohaka? Na nka halefela jwang eo Jehova a sa mo halefeleng?


Edomo ke leruo la hae; Seire, sera sa hae, o ruuwa ke yena, mme Iseraele o hlahisa bonatla ba hae;


O finne mangole, o bothile jwaloka tau le jwaloka tau e tshehadi; ke mang ya ka mo tsosang? Ho hlohonolofatswe ba o hlohonolofatsang, ho rohakwe ba o rohakang!


Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.


Ke moo a tla ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Erekaha le sa ka la etsa jwalo ho e mong wa ba banyenyane bana, ha le a ka la nketsa jwalo le nna.


ho kile ha thwe ho yena Rebeka: E moholo o tla sebeletsa e monyenyane.


Mme o na le lebitso le ngodilweng seaparong le seropeng sa hae, le reng: Morena wa marena, le Mmusi wa babusi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ