Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 27:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yaba o atamela, a mo aka. Isaaka a utlwa monko wa diaparo tsa hae, a mo hlohonolofatsa, a re: Bona, monko wa mora wa ka o jwaloka monko wa tshimo eo Jehova a e hlohonolofaditseng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Yaba o a atamela, o a mo aka; Isaka a utlwa monko wa diaparo tsa hae, mme a mo hlohonolofatsa, a re: “Bona, monko wa mora wa ka o jwaloka monko wa tshimo, tshimo eo Morena a e hlohonolofaditseng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 27:27
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Isaaka a lema naheng eo, a kotula ha lekgolo ka selemo seo; mme Jehova a mo fa lehlohonolo.


Rebeka a ba a nka diaparo tse ntle tsa Esau, mora wa hae wa letsibolo, tse leng ho yena ka tlung, a apesa Jakobo mora wa hae e monyenyane, ka tsona.


Isaaka, ntatae, a re ho yena: Atamela jwale, o nkake, mora wa ka.


Isaaka, ntatae, a mo arabela, a re ho yena: Bona, moaho wa hao o tla hloka lefura la lefatshe, le phoka ya lehodimo e tswang hodimo.


Empa mahlo a Iseraele a ne a fifetse ke ho tsofala, a sitwa ho bona. Josefa a ba atametsa ho yena; yaba Iseraele o a ba aka, a ba phothoma,


Yaba o hlohonolofatsa Josefa, a re: Modimo oo bontate Abrahama le Isaaka ba tsamaileng pontsheng ya wona, Modimo o ntisitseng esale ke hlaha ho fihlela kajeno lena,


O nosetsa boleme ba lona bo lemilweng, o phophotha makote a lona, o le nolofatsa ka dipula, mme o hlohonolofatsa dimela tsa lona.


Sefate sa feiye se se se bonahatsa ditholwana tse tala tsa sona, merara e thuntseng e arubetsa ka monko o monate wa tsona. Raoha, thatohatsi e ntle ya ka, tloha mona, o tle!


Haele bakeng sa Josefa, a re: Naha ya hae e tla hlohonolofatswa ke Jehova ka tse molemo haholo tsa mahodimo, ka phoka le ka tsa bodiba bo leng tlasa lehodimo;


Ka tumelo, Isaaka o kile a sitsa Jakobo le Esau ka hlohonolofatso e lebileng ho tse tlang ho tla.


Hobane haele lefatshe le inwellang metsi a dipula tse le nelang hangata, le medisetsang bao le lemelwang bona meroho e molemo, lefatshe le jwalo le ye le fuwe lehlohonolo ke Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ