Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 25:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Yaba Jakobo o fa Esau bohobe le moapeho wa dinawa; mme a ja, a nwa, a ntoo ikela. Esau o ne a nyedise boholwane ba hae ka mokgwa o jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

34 Jwale Jakobo a fa Esau bohobe le sopho ya dierekisi; yaba o a ja, o a nwa, a nto phahama, a ikela. Esau a nyedisa ditokelo tsa boholo ba hae jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 25:34
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlomong, Jakobo o ne a phehile dijo; Esau a fihla a etswa naheng, a kgathetse.


Jakobo a re: Ntlhapanyetse he pele. Yaba o a mo hlapanyetsa, a rekisa ka boholwane ba hae ho Jakobo.


Jwale tlala ya boela ya eba teng lefatsheng leo, kantle ho tlala ya pele e bileng teng mehleng ya Abrahama; Isaaka a fallela Gerare, ha Abimeleke, morena wa Bafilesta.


Isaaka, ntatae, a re ho yena: o mang na? A re: Ke nna Esau, mora wa hao wa letsibolo.


Ba kgesa naha e lakatsehang; ha ba ka ba dumela dipallo tsa wona,


Ka ba ka rorisa thabo, ka ho re, ha ho se ka bang molemo ho motho tlasa letsatsi, haese ho ja le ho nwa le ho itumela; ke seo a se sietsweng bakeng sa mokgathala wa hae wa matsatsi wohle a ho phela ha hae, ao Modimo o mo neileng wona tlasa letsatsi.


Empa, bonang, ke thabo le menyaka, ho hlajwa dikgomo, ho hlajwa dinku, ho jewa dinama, ho nowa veine; ho thwe: A re jeng, a re nweng, hobane hosasane re se re ya shwa.


Jehova a re ho nna: E akgelle mmopi wa dipitsa, theko eo e kalo eo ba ntekantseng ka yona! Yaba ke nka tjhelete tseo tse mashome a mararo, ka di akgella mmopi, tlung ya Jehova.


Empa bao ba nyedisa, mme ba ya, e mong tshimong ya hae, e mong papatsong ya hae.


a re: Le tla nneang, ke tle ke le neele yena? Mme ba mmalla ditjhelete tsa silefera tsa mashome a mararo.


Bonang, lona banyatsi, le makale, mme le timele; hobane ke tla etsa mosebetsi mehleng ya lona, mosebetsi oo le ke keng la o dumela, leha e mong a ka le bolella.


Ha ke lwanne le dibatana Efese ka phehello ya botho, ke ruileng ka hoo? Ekare ha bafu ba sa tsohe, a re jeng, a re nweng, hobane hosasane re se re ya shwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ