Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 25:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Jakobo a re: Nthekisetse boholo ba hao pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Jakobo a re: “Nthekisetse ditokelo tsa boholo ba hao pele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 25:31
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Esau o re ho Jakobo: Ako mphe hle, ke je bofubedu boo, hobane ke kgathetse. Ke ka baka leo a reilweng lebitso la Edomo.


Yaba Esau o re: Bona, ke se ke ya shwa, mme boholwane boo bo tla nthusang?


A re: Na ha a rewa lebitso la Jakobo? Ke enwa, o nthetsitse habedi: o nkamohile boholwane ba ka, mme bona, le jwale o nkamohile lehlohonolo la ka! A eketsa a re: Na ha o a ka wa mpolokela lehlohonolo na?


A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.


Bana ke bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele. E ne e le yena letsibolo; empa kahobane a ne a silafaditse malao a ntatae, boholo ba hae ba ho tswalwa bo ne bo neilwe bara ba Josefa, mora Iseraele; leha ho le jwalo, e ne e se hore Josefa a ngolwe mangolong a meloko ka ho re o na le boholo ba ho tswalwa.


Hobane ke Juda ya ileng a feta banababo, mme ke ho yena ho tswileng morena; leha ho le jwalo, ditokelo tsa boholo ba ho tswalwa e ne e le tsa Josefa.


mohla ntata bona a abelang bana ba hae lefa la tseo a nang le tsona, a ke ke a bea mora wa ya ratilweng e moholo bakeng sa mora wa ya hloilweng, e leng yena letsibolo;


a mpe a tiise boholo ba mora wa ya hloilweng ka ho mo nea kabelo tse pedi tsa dintho tsohle tsa hae, hobane ke yena sehlooho sa bonna ba hae; tokelo ya letsibolo ke ya hae.


Ho se ke ha eba e mong e leng mofebi, leha e le ya etsang ditaba tsa Modimo bosawana, jwaloka Esau, ya neng a bapatse ka boholo ba hae ba ho tswalwa, a reka sejonyana se le seng feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ