Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 25:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Yaba Esau o re ho Jakobo: Ako mphe hle, ke je bofubedu boo, hobane ke kgathetse. Ke ka baka leo a reilweng lebitso la Edomo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Yaba Esau o re ho Jakobo: “Ako mphe ntho e kgubedu eno, ntho e kgubedu eno hle, ke je, hobane ke lapile haholo!” Ke ka baka leo a reilweng lebitso la Edomo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 25:30
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlomong, Jakobo o ne a phehile dijo; Esau a fihla a etswa naheng, a kgathetse.


Jakobo a re: Nthekisetse boholo ba hao pele.


Jakobo a eteletsa manqosa pele, a yang ho Esau, moholwane wa hae, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo;


a a laela, a re: Le tle le re ho Esau, morenaka: Jakobo, mohlanka wa hao, o re: Ke ne ke jakile ho Labane, ka dula teng ho fihlela jwale;


Leloko la Esau, e leng yena Edomo, ke lena: Esau o ne a inkele basadi ba hae ho baradi ba Kanana: Ada, moradi wa Elone, Mohethe; le Oholibama, moradi wa Ana, moradi wa Tsibeone, Moheve;


Bao ke bara ba Esau, e leng yena Edomo, le mahosana a bona ke ao.


kgosana Magdiele, kgosana Irame. Ke wona mahosana a Baedomo ka dinaha tsa ona lefatsheng leo ba le ruileng. O jwalo Esau, ntata Baedomo.


Yaba Esau o ya aha thabeng ya Seire. Esau ke yena Edomo.


Meloko ya Esau, ntata Baedomo, thabeng ya Seire, ke yona ena.


Mehleng ya hae, Baedomo ba fetohela Juda, ba ipehela morena.


Mahosana a Edomo a kile a tlakasela, dinatla tsa Moabe di bolailwe ke matswalo, baahi bohle ba Kanana ba qhibilihile.


Bakeng sa Edomo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Na ha ho sa le bohlale Themane? Na kelello e timetse ho baeletsi? Na bohlale ba bona bo fedile na?


Tshenolo ya Obadia. Morena Jehova o bolela tsena hodima Edomo, o re: Re utlwile taba e tswang ho Jehova, mme lenqosa le romilwe hara ditjhaba, le re: Tsohang! A re tsoheng ho mo futuhela!


O se ke wa hloya Moedomo, hobane ke ngwaneno; o se ke wa hloya Moegepeta, hobane o ne o le mojaki naheng ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ