Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 24:67 - Sesotho 1909/1961 (SO)

67 Jwale Isaaka a isa Rebeka ka tenteng ya Sara, mmae, a mo nka hore e be mosadi wa hae, a mo rata; mme Isaaka a tshediseha bakeng sa mmae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

67 Isaka a isa Rebeka ka tenteng ya mmae Sara; yaba o a mo nka, e ba mosadi wa hae, mme a mo rata. Isaka a tshediseha kamora lefu la mmae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 24:67
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Abrahama o phakisa a kena tenteng ho Sara, a re: Phakisa o nke ditekanyo tse tharo tsa phofo e thumisitsweng, o dube, o etse dinkgwana.


Mohlanka a tsebisa Isaaka ditaba tsohle tseo a di entseng.


Abrahama a boela a nka mosadi, lebitso la hae e le Ketura.


Isaaka o ne a na le dilemo tse mashome a mane ha a nyala Rebeka, moradi wa Bethuele, Moarame wa Paddan-Arame, kgaitsedi ya Labane, Moarame.


Jakobo a rata Ragele, a re: Ke tla o sebeletsa ka dilemo tse supileng, ha o ka nnea Ragele, moradi wa hao e monyenyane.


Bara ba hae kaofela, le baradi ba hae kaofela, ba tla ho mo tshedisa, empa a hana ho itshedisa, a re: Ke tla theohela nqalong ya bafu ho mora wa ka, ke ntse ke lla. Ntatae a mo llela jwalo.


Ha isaisa ditshiu tse ngata, mme mohatsa Juda, moradi wa Shua, a shwa; eitse ha Juda a tshedisehile, a nyoloha ho ya Thimna ho bakuti ba dinku tsa hae, yena le molekane wa hae Hira, wa Adullame.


Nka be ke o nka, ka o isa tlung ya mme, mme o ka be o nthuta, mme nka be ke o fa o enwa veine e tswakilweng, metsi a dikharanata tsa me.


Banabeso, ha ke rate hore le ka hloka tsebo tabeng ya ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha jwaloka ba bang ba se nang tshepo.


Re fela re le bolella ka polelo ya Morena, hore, haele rona ba tlang ho phela le ho salla ho tla ha Morena, re ke ke ra raka ba robetseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ