Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 24:50 - Sesotho 1909/1961 (SO)

50 Yaba Labane le Bethuele ba araba, ba re: Taba ena e tswa ho Jehova; re sitwa ho o arabela hampe kapa hantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

50 Yaba bo-Labane le Bethuele ba a araba, ba re: “Taba ena e tswa ho Morena; re ke ke ra bua le wena hampe kapa hantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 24:50
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare a eso ho qete ho bua, a bona Rebeka, ya tswetsweng ke Bethuele, mora wa Milka, mosadi wa Nakore, moena Abrahama, a etswa a jere nkgo ya hae lehetleng la hae.


Yaba morwetsana o matha, a ya bolella ba ntlo ya mmae ditaba tseo.


Bona, Rebeka o pela hao, mo nke, o ye le yena, e be mosadi wa mora mong a hao, kamoo Jehova a boletseng kateng.


Yaba mohlanka o ntsha mekgabo ya silefera, le mekgabo ya kgaura, le meaparo, a e nea Rebeka; mme a nea kgaitsedie le mmae mesebetsi ya bohlokwa.


Empa kgaitsedi ya Rebeka le mmae ba re: Morwetsana ha a a ke a due ditshiu le rona, leha di le leshome, a ntano tsamaya.


Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: Oho, kgaitsedi ya rona, o be mma dikete tsa diketekete, mme ditloholo tsa hao di rue dikgoro tsa dira tsa tsona!


Empa Modimo wa tla ho Labane, Moarame, torong ya bosiu, wa re ho yena: O itemohele, o se ke wa bua le Jakobo leha e le hantle, leha e le hampe.


Ke na le matla a ho le etsa hampe, empa Modimo wa bontata lona o buile le nna maobane, wa re: O itemohele, esere o ka bua le Jakobo leha e le hantle, leha e le hampe.


Absalome yena a mpa a se ke a bua ho Amnone ka taba e mpe, kapa e ntle, kahobane Absalome a ne a hloile Amnone, kahobane a betile kgaitsedi ya hae Tamare.


Morena a hana jwalo ho mamela setjhaba; ya eba taba e hlahisitsweng ke Jehova, hore a tle a phethe taba ya hae, eo Jehova a e boleletseng Jeroboame, mora Nebathe ka Akija wa Silo.


Jehova o re: Se futuheleng banababo lona, bana ba Iseraele; ikgutlelleng e mong le e mong tlung ya hae, hobane taba eo ke ka nna e etsahetseng. Ba mamela lentswe la Jehova, ba kgutlela hae ka molomo wa Jehova.


Hoo ho entswe ke Jehova; ke mehlolo mahlong a rona.


Jesu a re ho bona: Ana ha le a ka la bala Mangolong taba e reng: Lejwe leo bahahi ba le lahlileng, ke lona le entsweng la motheo, la sekgutlo? Le entswe le jwalo ke Morena, mme ke le makatsang mahlong a rona.


Le entswe le jwalo ke Morena, mme ke le makatsang mahlong a rona.


Mme Modimo ha o ba file neo e jwaloka eo o re neileng yona, rona ba dumetseng ho Morena Jesu Kreste, nna, ke ne ke le mang hore ke hane ho Modimo?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ