Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 24:44 - Sesotho 1909/1961 (SO)

44 mme a re ho nna: Inwelle wena, mme le dikamele tsa hao ke tla di kgella; e ke e be yena mosadi eo Jehova a mo laoletseng mora wa mong a ka!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

44 Ha a ka re: Nwa, mme ke tla kgella le dikamele tsa hao, e tla ba ke yena mosadi eo Morena a mo kgethetseng mora wa monga ka.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 24:44
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova Modimo a bopa mosadi ka lehopo leo a le ntshitseng ho Adama, mme a mo tlisa ho Adama.


A e ke e re, morwetsana eo ke reng ho yena: Ako kokobetse nkgo ya hao, nke ke nwe, mme a re: Nwa, mme ke tla nosa le dikamele tsa hao, e ke e be yena eo o mo laoletseng Isaaka, mohlanka wa hao, mme ke tle ke tsebe kahoo hobane o etseditse mong a ka ka mohau.


bona, ke eme pela sediba sa metsi, mme etlere morwetsana ya tswelang ho kga metsi, eo ke reng ho yena: Ako nnose metsinyana nkgong ya hao;


Yare ke eso ho qete ho bua ka pelong ya ka, ka tshoha Rebeka a etswa, a na le nkgo lehetleng; a theohela sedibeng, a kga; yaba ke re ho yena: Ako mphe, ke nwe.


Lotho e pjatlanngwa kobong; empa se bolelwang ke yona se tsejwa ke Jehova feela.


Ya fumaneng mosadi wa sebele o fumane lehlohonolo, o filwe mpho ya mohau ke Jehova.


Ntlo le leruo ke lefa la bontata motho, empa mosadi ya kelello ke mpho ya Jehova.


Empa motho ya kgabane o rera tsa bokgabane o phehella tsa bokgabane.


e mpe e be ka mesebetsi e molemo, jwalokaha ho tshwanela basadi ba ipolelang hoba ba sebeletsa Modimo.


Le se ke la lebala ho amohela baeti; hobane ba bang, ka ho etsa jwalo, ba amohetse mangeloi ha bona, ba sa tsebe.


Haele ka ho hong, ke re: Bohle le be le kgopolo e le nngwe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ