Ka inama, ka kgumamela Jehova; ka boka Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ya ntsamaisitseng ka tsela e lokileng, ke tle ke nkele mora mong a ka moradi wa banababo.
Davida a boela a re ho phutheho kaofela: Jwale, bokang Jehova, Modimo wa lona! Ebile moo phutheho yohle e bokang Jehova, Modimo wa bontata bona; ba inama, ba kgumama pela Jehova le pela morena.
Esdrase a boka Jehova, Modimo o moholo; mme setjhaba kaofela sa araba, sa re: Amen! Amen! se emiseditse matsoho hodimo; ba boela ba inama; ba kgumama pela Jehova, ba kobotetse fatshe.
le tla re ho bona: Ke sehlabelo sa Paseka ya Jehova, kamoo a kileng a feta pela matlo a bana ba Iseraele Egepeta kateng, mme a sireletsa matlo a rona. Yaba setjaba se a inama, sa rapela.
Eitse hobane Gideone a utlwe taba tsa toro le hlalosetso ya yona, a inama, a ntoo kgutlela diahelong tsa Baiseraele, a re: Emang, hobane Jehova o neetse diahelo tsa Bamidiane matsohong a lona.
Ke bile ke mo kgethetse Jehova ke hona, mme efela e tla ba ya kgethetsweng Jehova ka ditshiu tsohle tseo a tla phela ka tsona. Ebile o kgumamela Jehova hona moo.