Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 19:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Lota a tloha Tsoware, a ya aha thabeng, a ena le baradi ba hae ba babedi; hobane o ne a tshaba ho dula Tsoware. A aha lehaheng, yena le baradi ba hae ba babedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Lota a nyoloha Soware, a ya aha dithabeng le baradi ba hae ba babedi, hobane o ne a tshaba ho aha Soware; yaba o phela lehaheng le baradi ba hae ba babedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 19:30
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Lota o isa mahlo a hae, a bona lehwatata lohle la Jordane, hore le nosetsehile hohle ho isa Tsoware, le le jwaloka tshimo ya Jehova, le jwaloka lefatshe la Egepeta; mohlang oo, Jehova o ne a eso ho senye Sodoma le Gomora.


Empa Abrame a araba morena wa Sodoma, a re: Ke emisitse letsoho la ka ho Jehova, Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe,


Eitse ha ba se ba ntsheditswe kantle, e mong wa bona a re: Baleha, o boloke bophelo ba hao; o se ke wa hetla kamorao, o se ke wa ema lehwatateng lohle; balehela thabeng, esere mohlomong wa timeletswa.


bona hle, mohlanka wa hao o fumane mohau mahlong a hao, mme lereko la hao le bile leholo leo o nthekolohetseng ka lona, wa boloka bophelo ba ka; empa nna ke sitwa ho balehela thabeng, kotsi e ka tshoha e nkwela hodimo, ka shwa.


O mahlahahlaha jwaloka metsi, ha o ka ke wa ba kapele, hobane wa na wa hlwella malaong a ntatao; o silafaditse malao a ka mohla monene, ha o a hlweletse.


Pelo ya ka e lla hodima Moabe; ba phonyohileng ba balehetse Tsoware le Eglathe-Shelishia; hobane ba nyoloha ka moepa wa Luhithe ka dillo; diboko tsa tshenyeho ya bona di duma tseleng ya Horonaime.


Pokollo ya Heshbone e utlwahala ho isa Eleale; e utlwahala le ho fihla Jahatse, ho tloha Tsoware, ho isa Horonaime le Eglathe-Shelishija; hobane le wona metsi a Nimrime a sentswe.


le naha e ka nqa borwa, le naha ya Jordane, le lehwatata la Jeriko, motse wa dipalema, ho isa Tsoware.


Ke motho ya pelo tse pedi, ya dikadikang metsamaong ya hae yohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ