Genese 19:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)29 E ne eitse ha Modimo o timeletsa metse ya lehwatata, Modimo wa hopola Abrahama, mme wa phonyosa Lota tshenyong eo o sentseng ka yona metse eo Lota a neng a ahile ho yona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE29 Ha Modimo a ripitla metse eo e phuleng, Modimo a hopola Aborahama; a ntsha Lota koduweng eo, ha a ne a ripitla metse eo Lota a neng a ahile ho yona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hase ka baka la ho loka ha hao, leha e le ka baka la bokgabane ba pelo ya hao, o yang ho kena lefatsheng la bona ho le rua; empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tseo Jehova, Modimo wa hao, a tlang ho di falatsa pela hao, a tle a tiise lentswe leo Jehova a le boleletseng bontatao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, ka kano.