Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 19:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba Lota o tswa ho ya tsebisa bakgwenyana ba hae, ba neng ba tla nyala baradi ba hae, mme a re: Tsohang, le tswe nqalong ena, hobane Jehova o ya timeletsa motse! Empa ho bakgwenyana ba hae ha eba jwaloka hojane o a swaswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Lota a tswa, a ya bua le bakgwenyana ba hae, ba nkileng baradi ba hae, a re: “Tsohang, le tswe motseng ona, hobane Morena o lekgatheng la ho o timetsa!” Empa bakgwenyana ba bona eka o a swaswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 19:14
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha meso e hlaha, mangeloi a akofisa Lota, a re: Tsoha, o nke mosadi wa hao, le baradi ba hao ba babedi ba leng mona, esere mohlomong wa timela tshenyehong ya motse ona.


Eitse ha ba se ba ntsheditswe kantle, e mong wa bona a re: Baleha, o boloke bophelo ba hao; o se ke wa hetla kamorao, o se ke wa ema lehwatateng lohle; balehela thabeng, esere mohlomong wa timeletswa.


Phakisa o balehele teng, hobane ke sitwa ho etsa letho, o eso fihle teng. Ke ka baka leo motse oo o reilweng lebitso la Tsoware.


Dititimi tsa ya le metse naheng ya Efraime le Manasse, ho ya fihla Sabulone; empa ha nna ha tshehwa le ho songwa ka tsona.


Empa ba nna ba soma ka manqosa a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa wona, ba tsheha baporofeta ba wona, ho fihlela kgalefo ya Jehova e ba e phahamela setjhaba sa wona, ho se ho se kamoo ho ka thuswang kateng.


A bitsa Moshe le Aarone bosiu, a re: Tlohang, le tswe setjhabeng sa ka, lona le bana ba Iseraele, le ye, le sebeletse Jehova, jwalokaha le boletse.


Empa ba neng ba sa ele lentswe la Jehova hloko, ba tlohela bahlanka ba bona le mehlape ya bona naheng.


Motho ya ntseng a kgalemelwa hangata, mme a itshatalatsa molala, o tla robeha hanghang, ho se le sehlare.


Mme jwale, le se ke la nna la soma, mahlaahlela a lona a tle a se ke a tiiswa; hobane ke utlwile ho Morena, Jehova wa makgotla, hore tshenyeho ya lefatshe lohle e rerilwe.


Oho Jehova, o kile wa nthetsa, ka thetswa; o kile wa ntiisetsa matla, ka hlolwa. Ke hlile ke entswe ditsheho ka tsatsi lohle, ba ntshoma kaofela.


Eitse hobane Jeremia a qete ho bolella setjhaba kaofela mantswe wohle a Jehova, Modimo wa bona, ao Jehova, Modimo wa bona, a mo romileng ho bona ka wona, mantswe wona ana kaofela,


Asaria, mora Hosea, le Johanane, mora Karea, le batho ba baikgohomosi kaofela, ba bolella Jeremia, ba re: O bolela leshano; Jehova, Modimo wa rona, ha a ka a o roma, hore o re: Le se ke la ya Egepeta ho aha teng.


Balehang Babilona, ho pholose e mong le e mong bophelo ba hae, esere le ka timela ka bokgopo ba hae, hobane nako ya tefetso ya Jehova ke yona eo, o ya busetsa moputso ho yena.


Yaba ke re: Jo! Morena Jehova! Ba mpolella ka ho re: Eo o ntsa bua ka dipapiso!


Ikgetheng ho phutheho ena, hore ke tle ke timeletse hanghang.


A bua le phutheho, a re: Tlohang pela ditente tsa banna bao ba babe, mme le se ke la ama letho la bona, esere la timeletswa ka baka la dibe tsohle tsa bona.


Tlohang hara phutheho ena, ke tle ke e timeletse hanghang. Yaba ba itihela fatshe ka difahleho.


Ho tswalwa ha Jesu Kreste ho tlile ka mokgwa ona: Maria, mmae, ha a lebeleditswe ke Josefa, a tshoha a emodisitswe ke matla a Moya o Halalelang, ba eso ho kopane.


A re ho bona: Tlohang, hobane morwetsana ha a shwa, o mpa a robetse. Mme ba mo tsheha.


Empa taba tsa basadi bao tsa eba jwaloka tshomo ho bona, mme ha ba ka ba dumela.


A re a sa tla, motemona a mo idibanya, a ba a mmipetsa; empa Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, mme a mo nea ntatae.


Yare ha ba utlwa taba ya tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: Re sa tla boela re o utlwe hape hodima taba eo.


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ