Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 11:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Tera a nka mora hae Abrame, le setloholo sa hae Lota, mora Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mohatsa Abrame, mora hae; mme ba tswa Ure wa Kalde ho ya lefatsheng la Kanana. Ba fihla Kharane, ba aha teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Yaba Tera o nka mora wa hae Aborame, le Lota, setloholo sa hae, mora wa Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mosadi wa mora hae Aborame; a tloha le bona naheng ya Ure ya Bakalatiya, a fallela naheng ya Kanana. Ha ba fihla Harane, ba aha teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 11:31
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moedi wa Bakanana o ne o qala Sidone, ho leba Gerare ho isa Gasa, mme o leba Sodoma, le Gomorra, le Adama, le Tseboime ho fihlela Lesha.


Ditshiu tsa Tera ya eba dilemo tse makgolo a mabedi a metso e mehlano; Tera a ntoo shwela Kharane.


Yaba Abrame o a falla, kamoo Jehova a mmoleletseng kateng; mme Lota a falla le yena. Dilemo tsa Abrame, ha a tloha Kharane, di ne di le mashome a supileng a metso e mehlano.


Abrame a nka Sarai, mosadi wa hae; le Lota, mora moenae, le leruo lohle la bona leo ba neng ba le ruile, le batho bao ba neng ba ba ruile Kharane, mme ba tloha ho ya lefatsheng la Kanana, ba ba ba fihla lefatsheng la Kanana.


Ha nkwa le Lota, mora moena Abrame, ya neng a ahile Sodoma, le maruo a hae kaofela, ha tsamauwa.


A ntoo re ho yena: Ke nna Jehova ya o ntshitseng Ure wa Kalde, ke tle ke o fe lefatshe lena, e be lefa la hao.


Yaba mohlanka o nka dikamele tse leshome ho dikamele tsa mong a hae, a tsamaya; etswe dintho tsohle tsa mong a hae di ne di le diatleng tsa hae; a tloha, a ya Mesopotamia, motseng wa Nakore.


Yare a eso ho qete ho bua, a bona Rebeka, ya tswetsweng ke Bethuele, mora wa Milka, mosadi wa Nakore, moena Abrahama, a etswa a jere nkgo ya hae lehetleng la hae.


Jwale, mora wa ka, mamela lentswe la ka: o tlohe, o ipalehele Harane ho kgaitsedi ya ka, Labane;


Haele Jakobo a tloha Beerseba, a ya Kharane.


Na o re, medimo ya ditjhaba e di namoletse, tseo bontate ba di fedisitseng, bo-Gosane, le Harane, le Retsefe, le bana ba Edene, ba leng Telasare na?


Ke wena Jehova, Modimo o neng o kgethe Abrahama; wa mo falatsa Ure ya Bakalde, wa mo rea lebitso la Abrahama.


Eo a re a sa bua, ha boela ha fihla e mong, a re: Bakalde ba diphafa tse tharo ba nehelletse dikamele, ba di hapa, ba bolaya le badisa ka lerumo; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.


Na medimo ya ditjhaba tseo bontate ba di fedisitseng, Bogosane, le Harane, le Retsefe, le bana ba Edene ba leng Telasare, na e di namoletse na?


Ka tumelo, Abrahama, mohla a bitswang, o kile a utlwa, a fallela naheng eo a tlang ho e newa ka mokgwa wa lefa, mme a falla a sa tsebe moo a yang teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ