Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 9:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 A re ho nna: Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ya Juda bo boholo haholoholo, lefatshe le tletse madi a tsholotsweng, mme motse o tletse lonya, hobane ba re: Jehova o furaletse lefatshe lena, Jehova ha a bone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Jwale Morena a re ho nna: “Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda bo boholo haholo. Naha e tletse dipolao, toka ha e yo motseng ona. Ba re: ‘Morena o furaletse naha ena; Morena ha a bone.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 9:9
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, Manasse a tsholla madi a mangata a se nang molato, a tlatsa Jerusalema ka wona kahohle; ho sa bolelwe sebe sa hae seo a sebesitseng Juda ka sona, kamoo a nnileng a etsa kateng, ho leng hobe mahlong a Jehova.


le ka baka la madi a se nang molato a tsholotsweng ke yena, kamoo a neng a tlatsitse Jerusalema kateng, ka madi a se nang molato; mme Jehova ha a ka a rata ho ba tshwarela.


Mme o re: Modimo o ka tseba eng? Na o ka ahlola, mahlo a wona a phunya lefifi na?


Pelong ya hae o re: Modimo o a lebala, o patile sefahleho sa wona, ha o tadime le ka mohla o le mong!


ba ntoo re: Jehova ha a bone; Modimo wa Jakobo ha o lemohe!


Jo! Setjhaba sa badibe, mofuta o ipelesitseng makgopo, lesika le bolotsana, bana ba bodileng! Ba furaletse Jehova, ba nyefotse Mohalaledi wa Iseraele, ba kgutletse morao.


Ho madimabe ba ipatang ka ho re, ba patela Jehova merero ya bona, ba etsang mesebetsi ya bona lefifing, ba reng: Ya re bonang ke mang? Ya re lemohileng ke mang?


O itshepetse bolotsana ba hao; o ne o re: Ha ke bonwe ke motho. Bohlale le tsebo ya hao ke tsona tse o thetsitseng, mme o itse pelong ya hao: Ke nna, ha ho e mong haese nna.


Etswe le mosehong wa kobo ya hao ho fumanwa madi a meya ya mafutsana a se nang molato, ao o sa kang wa a tshwara a phunya ntlo ya hao, empa e le ka baka la mekgwa eo ya hao yohle.


Kanthe wena, ha o na mahlo leha e le pelo, haese ya ho ikgahatlella le ho tsholla madi a se nang molato, le ho sebetsa botubo le ho tsohela batho matla.


Bao e leng dira ho yena ke beng ba hae, ba mo hloyang ba iketlile, hobane Jehova o mo hlomodisitse ka baka la bongata ba makgopo a hae; bana ba hae ba banyenyane ba ile kgolehong, ba kgannwa ke dira.


Etsa mahlaahlela, hobane lefatshe lena le tletse ditlolo tse madi, mme motse wona o tletse bothata.


A re ho nna: Mora motho, na o bone seo baholo ba ntlo ya Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong phaposing ya ditshwantsho tsa hae? Hobane ba re: Jehova ha a re bone, Jehova o furaletse lefatshe lena.


A re ho nna: Mora motho, na o bone na? Na ke ntho e nyenyane hore ba ntlo ya Juda ba etse manyala a etswang ke bona mona, haele moo ba tlatsitse lefatshe ka bothata, mme ba ntse ba nkgalefisa na? O ka bona, ba isa lekala la morara dinkong tsa bona.


Ka baka leo, molao o robetse, ha ho sa ahlolelwa ka ho loka; hobane molotsana o dikile ya lokileng, mme kahlolo e a kgopamiswa.


Nakong eo, ke tla batlisisa Jerusalema ka mabone, ke kgalemele banna bao ba hwamileng hodima ditshifa tsa bona, ba reng pelong tsa bona: Jehova ha a na ho etsa hantle, leha e le ho etsa hampe.


hore madi a baporofeta bohle a tsholotsweng, haesale lefatshe le thewa, a batlwe ho moloko ona,


Hobane ke a tseba hoba ha ke se ke shwele le tla itshenya ruri; mme le tla fapoha tsela eo ke le laetseng yona; mme mehleng ya morao, le tla hlahelwa ke tlokotsi, kahobane le tla etsa ho leng hobe pela Jehova, mme le tla mo phephetsa ka mesebetsi ya matsoho a lona.


Ba itshentse pela wona; ke bana ba ditshila; ke mofuta o kgelohileng, o nang le mano.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ