Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 9:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba re ba sa hlabaka, nna ke sa ntsane ke setse, ka itiha fatshe ka sefahleho, ka meketsa, ka re: Jo! Morena Jehova, na o tla timeletsa masala wohle a Iseraele, haele moo o tshollela Jerusalema kgalefo ya hao?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ha ba ntse ba bolaya batho jwalo, ke ne ke setse ke le inotshi. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ke howa haholo, ke re: “Oho, Morena Modimo! Na o tla timetsa masalla wohle a Iseraele ha o hlatsetsa kgalefo ya hao hodima Jerusalema?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 9:8
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Abrahama a atamela, a re: Hleka o ka timetsa ya lokileng hammoho le ya bolotsana na?


Davida eitse ha a emisa mahlo, a bona lengeloi la Jehova le eme pakeng tsa lefatshe le lehodimo, le tshwere sabole e bolatsi letsohong la lona, le e otlolletse Jerusalema. Yaba Davida le baholo, ba apere masela a mahwashe, ba itahla fatshe ka difahleho tsa bona.


Ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, ka ema hona boikokobetsong ba ka, kobo ya ka le kojwana ya ka di hahotswe; ka kgumama ka mangole, ka otlollela matsoho a ka ho Jehova, Modimo wa ka,


Yaba ke re: Jo! Jo! Morena Jehova, bona, baporofeta ba bona ba ba bolella, ba re: Ha le ka ke la bona lerumo, tlala ha e ka ke ya eba teng ho lona; hobane ke tla le nea kgotso e tiileng nqalong ena.


Na o lahlile Juda ruri, kapa pelo ya hao e tennwe ke Sione na? O re otlile keng, ho se phodiso ho rona? Re lebeletse kgotso, empa ha re bone molemo; le nako ya phodiso, empa bonang, ho a tshabeha.


Yaba ke re: Jo! Morena Jehova, kannete o thetsitse setjhaba sena le Jerusalema, ha o itse: Le tla nne le be le kgotso, kanthe lerumo le hlile le ba hlaba ho ya fihla moyeng.


Ka re ke sa porofeta, Pelathia, mora Benaia, a shwa. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ka meketsa, ka re: Jo! Jo! Morena Jehova, na ke ho re, o ya timeletsa masala a Iseraele na?


Ka mpa ka re: Oho Morena Jehova, bona, moya wa ka ha o eso ho silafale; ha ke eso ho je, ho qala botjheng ba ka le ho fihlela jwale, kapa ntho e shweleng, kapa phoofolo e rusolotsweng, mme ha ho eso ho be nama e putileng e keneng molomong wa ka.


Hona jwale, ke ya tshollela kgalefo ya ka hodima hao, ke ya phetha bohale ba ka ho wena; ke tla o ahlola ka metsamao ya hao, ke bee manyala wohle a hao ho wena.


Yaba Moshe le Aarone ba itihela fatshe ka difahleho pela phutheho yohle e bokaneng ya bana ba Iseraele.


Moshe eitse ha a utlwa taba eo, a itihela fatshe ka sefahleho.


Tlohang hara phutheho ena, ke tle ke e timeletse hanghang. Yaba ba itihela fatshe ka difahleho.


Ka itihela fatshe pela Jehova jwaloka pele, ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, ke sa je bohobe, ke sa nwe metsi, ka baka la dibe tsohle tsa lona, tseo le di entseng ka ho etsa bobe pela Jehova, ho mo phephetsa.


Yaba Joshua o hahola diaparo tsa hae, a itabanya fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, ya ba ya eba mantsiboya, a ena le baholo ba Iseraele, ba ithuntsheditse dihlooho ka dithole.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ