Ezekiele 9:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)2 Yaba ke bona ho etla banna ba tsheletseng ka tsela ya monyako o hodimo, o lebileng nqa leboya, e mong le e mong a ena le sa hae sa ho thuha, mahareng a bona ho ena le monna e mong ya apereng lene, a ena le lenaka la mongodi le tlamilweng lethekeng la hae; ba fihla, ba ema pela aletare ya koporo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE2 Ka bona banna ba tsheletseng ba etla ka tsela e lebang monyakong o kahodimo, o tadimileng leboya, monna ka mong a tshwere sebetsa se bolayang. E mong wa bona o ne a apere seaparo se entsweng ka lene, qholong ho yena ho leketla lenakana le tshetseng enke. Banna bana ba fihla ba ema pela aletare ya lethose. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.
Ka bona Morena a eme pela aletare, mme a re: Otla hloro ya ntlo, ho be ho sisinyehe le difate tsa monyako; o di robakanye hodima dihlooho tsa bona kaofela. Ba setseng, ke tla ba bolaya ka lerumo; ho ke ke ha eba le a mong ho bona ya ka balehang, leha a le mong a ke ke a ba teng ya ka phonyohang ho bona.