Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 9:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba o nkgoweletse ditsebeng ka ho tlerola, a re: Atametsang ba tlang ho otla motse, e mong le e mong a be le seo a tla senya ka sona letsohong la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Lentswe le matla la howa ka ditsebeng tsa ka, la re: “Lona balebedi ba motse, tloong kwano! Monna ka mong a tle a nkile dihlomo tsa hae!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 9:1
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme ba kena ho hlahisa mahlabelo le ditjheso. Yaba Jehu o kgetha banna ba mashome a robileng meno e le mmedi, a ba bea kantle, a re: Ha e mong wa lona a ka dumella leha a le mong wa banna bao ke ba beileng matsohong a lona ho tlola, bophelo ba hae bo tla ema bakeng sa bophelo ba eo.


Modimo wa romela lengeloi Jerusalema ho timetsa batho ba teng; la re le sa ntsane le bolaya, Jehova a bona, a swaba ke tshenyeho eo, mme a re ho lengeloi le bolayang: Ho lekane; honyetsa letsoho la hao jwale! Lengeloi la Jehova le ne le eme pela seotlo sa Ornane Mojebuse.


Hobane Jehova o tla haola ka Egepeta, a e otle, mme etlare ha a bona madi sefateng se hodimo le dikoseneng, Jehova o tla feta hodima monyako, a se ke a dumella mosenyi hore a kene ka matlung a lona ho le otla.


Ka ntoo utlwa lentswe la Morena, le re: Ke tla roma mang? Ho tla ya mang bakeng sa rona? Mme ka re: Ke nna enwa, roma nna!


Emisetsang folaga nqa Sione; batlang setshabelo, le se ke la ema, hobane ke lata tsietsi le kotsi e kgolo nqeng ya leboya.


Hoo ke neng ke ho bona, ho ne ho na le ponahalo e kang ya seo ke na beng ke se bone mohla ke tlang ho timetsa motse; tse bonwang di ne di na le ponahalo e kang ya tseo ke na beng ke di bone nokeng ya Kebare; yaba ke ikakgela fatshe ka sefahleho.


la re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, isang kganya ho wona, hobane nako ya ho ahlola ha wona e tlile; mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ