Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 8:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 A re ho nna: Mora motho, na o bona seo ba se etsang na? Na o bona manyala a maholo ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang mona, hore ba tle ba ntshuthise pela sehalalelo sa ka? Empa o sa tla bona manyala a mang a maholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Yaba Morena o re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bona seo ba se etsang? Na o bona manyala ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang moo, e le hore ke tle ke suthelle hole le Sehalalelo sa ka? Empa ako hetle hape, mme o tla bona manyala a mabe ho feta ana.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 8:6
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a re ho bona: Mmameleng, lona Balevi! Itlhwekiseng jwale, le hlwekise ntlo ya Jehova, Modimo wa bontata lona, mme le lahlele ditshila kantle ho sehalalelo.


Yaba o tlohela tabernakele ya Silo, tente eo o neng o dutse ho yona hara batho,


Jo! ke batlile ke wela bobeng bo fetisisang hara bongata ba batho le phutheho.


Jehova a ntsebisa, mme ka tseba; ke moo o ileng wa mpontsha diketso tsa bona.


Hobane haele baporofeta le baprista ke banyefodi, le hona ke fumane bolotsana ba bona ka tlung ya ka, ho bolela Jehova.


ke tla etsa ntlo ena jwaloka Silo, le motse wona ke o etse ntho e tla rohakwa ke ditjhaba tsohle tsa lefatshe.


Mehleng ya morena Josiase, Jehova a re ho nna: Na o bone seo Iseraele mokwenehi a se entseng? O ile le dithaba tsohle tse phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku, a nna a feba teng.


Empa ba beile manyala a bona ka tlung eo lebitso la ka le bitswang hodima yona, ba tle ba e silafatse.


Na ha o bone seo ba se etsang metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema?


Hobane bana ba Juda ba entse bobe pela ka, ho bolela Jehova, ba beile manyala a bona ka tlung eo lebitso la ka le bitswang ho yona, ba tle ba e silafatse.


Jwale, kganya ya Jehova ya tloha mohatong wa monyako wa tempele, ya ema hodima dikerubime.


Yaba dikerubime di otlolla dipheo tsa tsona, tsa tloha fatshe; ka di bona ha di etswa, le mabidi a bapile le tsona. Tsa ya ema monyakong wa botjhabela wa tempele ya Jehova, kganya ya Modimo wa Iseraele e le hodima tsona, nqa hodimo.


Yaba dikerubime di emisa dipheo tsa tsona, di ena le mabidi maloka le tsona, le kganya ya Modimo wa Iseraele e di okametse nqa hodimo.


Mme kganya ya Jehova ya tloha moo e neng e okametse motse, ya ya ema thabeng e nqa botjhabela ho motse.


Ha ho le jwalo, ere ho ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Sokolohang, le lahle ditshwantsho tsa lona, le lahle le manyala wohle a lona;


a tuba mohlomohi le mofutsana, a tlatlapa, a sa kgutlise tebeletso, a lelaletsa mahlo a hae ditshwantshong, a etsa tse manyala,


Enereha ba bea mohato wa monyako wa bona mabapa le wa ka, le kosene ya bona mabapa le ya ka, ho le lerako feela le ba arohantseng le nna, ba ne ba silafatsa lebitso la ka le halalelang ka manyala a bona ao ba a etsang; ka ba ka ba timetsa kgalefong ya ka.


Yaba o re ho nna: Na o bone, mora motho? Yaba o a ntsamaisa, a nkgutlisetsa lebopong la noka.


Ke hona Morena Jehova a reng: Ka nna ya phelang, erekaha o silafaditse sehalalelo sa ka ka tsohle tsa hao tseo ke di ilang le ka manyala wohle a hao, le nna ke tla o kgaola, leihlo la ka le sa o qenehele, ke sa o hauhele le hanyenyane.


A eketsa, a re ho nna: O sa tla bona manyala a mang a maholo a etswang ke bona.


A ntoo nkisa monyako wa ntlo ya Jehova o lebileng nqa leboya, mme ka bona basadi ba dutse teng, ba llela Tammuse.


Yaba o nkisa monyako wa lebala, mme ha ke tadima, ka bona lesoba ka lerakong.


A re ho nna: Kena, o bone manyala a mabe a etswang ke bona mona.


Ka dinku tsa bona le ka makgomo a bona ba tla Jehova, empa ba ke ke ba mo fumana: o ba furaletse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ