Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 8:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 A re ho nna: Mora motho, na o bone na? Na ke ntho e nyenyane hore ba ntlo ya Juda ba etse manyala a etswang ke bona mona, haele moo ba tlatsitse lefatshe ka bothata, mme ba ntse ba nkgalefisa na? O ka bona, ba isa lekala la morara dinkong tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na seo o a se bona? Ebe ke ntho e se nang taba ha ba ntlo ya Juda ba etsa manyala aa, ao ba a etsang moo? Naha ena ba e tlatsitse meferefere, ba ba ba mphephetsa hore ke be ke halefe, ba nnyedisa ka diketso tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 8:17
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa lefatshe le ne le bodile pela Modimo, mme lefatshe le ne le tletse ho bolayana.


Yaba Modimo o re ho Nowe: Bofelo ba nama yohle bo fihlile pela ka, hobane lefatshe le tletse ho bolayana ha bona, mme jwale ke tla ba timeletsa le lefatshe.


Hape, Manasse a tsholla madi a mangata a se nang molato, a tlatsa Jerusalema ka wona kahohle; ho sa bolelwe sebe sa hae seo a sebesitseng Juda ka sona, kamoo a nnileng a etsa kateng, ho leng hobe mahlong a Jehova.


le ka baka la madi a se nang molato a tsholotsweng ke yena, kamoo a neng a tlatsitse Jerusalema kateng, ka madi a se nang molato; mme Jehova ha a ka a rata ho ba tshwarela.


Erekaha ba ntlhobohile, ba ngadile nqalo ena, mme teng dibano ba di tjheseditse medimo esele e sa kang ya tsejwa ke bona le ke bontata bona le ke marena a Juda, mme ba tlatsitse nqalo ena ka madi a se nang molato;


Hobane kamehla ha ke bua, ke ye ke howe, ke howeletse batho bothata le tshenyo; ka baka leo, lentswe la Jehova le mphetohetse sekgobo le sesomo ka tsatsi le leng le le leng.


ke ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng ho mphephetsa ka ho tsamaela medimo esele, le ka ho e tjhesetsa dibano, le ka ho e sebeletsa, eo ba neng ba sa e tsebe, leha e le bona, leha e le lona, leha e le bontata lona.


Jwalokaha sediba se tshikgola metsi a sona, o tshikgola bolotsana ba wona jwalo; bothata le botubo bo ntse bo utlwahala ho wona, maqeba le matetetso a pela ka kamehla.


Bao e leng dira ho yena ke beng ba hae, ba mo hloyang ba iketlile, hobane Jehova o mo hlomodisitse ka baka la bongata ba makgopo a hae; bana ba hae ba banyenyane ba ile kgolehong, ba kgannwa ke dira.


Le atisitse babolauwa ba lona motseng, le tlatsitse diterata tsa wona ka ba bolailweng.


O bokile le bana ba Egepeta ba ahisaneng le wena, ba dinama di tiileng, mme wa atisa bootswa ba hao, hore o tle o nkgalefise.


a tuba mohlomohi le mofutsana, a tlatlapa, a sa kgutlise tebeletso, a lelaletsa mahlo a hae ditshwantshong, a etsa tse manyala,


ke tla o lwantsha ka poulelo ya ka, hore ba tle ba o etsetse ka bohale; ba tla o kgaola nko le ditsebe, masala a hao a timetswe ke lerumo; ba tla nka bara le baradi ba hao, masala a hao a timetswe ke mollo.


Ka boholo ba kgwebo ya hao o tlatsitse bothata ha hao, mme o entse sebe; ka ba ka o leleka thabeng ya Modimo, ka ho re, o mohlompholli; ke o timeditse, wena kerubime ya mosireletsi, o le majweng a benyang.


Morena Jehova o re: Oho, marena a Iseraele, ho lekane! Tlosang bothata le tshenyo, etsang ka taelo le ka ho loka; le se ke la hlola le leleka setjhaba sa ka: ho bolela Morena Jehova.


Bothata bo fetohile thupa e mpe ya ho otla. Ha ho a sala letho leha le le leng la bona, kapa la letshwele la bona, kapa la menono ya bona; ha ho sa le bokgabane ho bona.


Etsa mahlaahlela, hobane lefatshe lena le tletse ditlolo tse madi, mme motse wona o tletse bothata.


A re ho nna: Mora motho, na o bona seo ba se etsang na? Na o bona manyala a maholo ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang mona, hore ba tle ba ntshuthise pela sehalalelo sa ka? Empa o sa tla bona manyala a mang a maholo.


A re ho nna: Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ya Juda bo boholo haholoholo, lefatshe le tletse madi a tsholotsweng, mme motse o tletse lonya, hobane ba re: Jehova o furaletse lefatshe lena, Jehova ha a bone.


Ha ba tsebe ho etsa ho lokileng, ho itswalo ke Jehova, bao ba bokellang kgapo le tshenyo matlung a bona.


lona le reng, le bea letsatsi la bohloko hole, mme le bea setulo sa bolotsana haufi?


Ba lakatsa masimo, ho a hapa, le matlo, ho inkela wona: ba hatakela monna le ntlo ya hae, motho le lefa la hae.


Barui ba motse ona ba tletse bolotsana, baahi ba wona ba bolela leshano, leleme la bona ke bohata molomong wa bona.


hape, tsatsing leo, ke tla kgalemela bohle ba tlolang sefate se monyako, ba tlatsang ntlo ya morena wa bona ka tse hapilweng ka bohoroso le ka thetso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ