Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 8:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 A re ho nna: Mora motho, na o bone seo baholo ba ntlo ya Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong phaposing ya ditshwantsho tsa hae? Hobane ba re: Jehova ha a re bone, Jehova o furaletse lefatshe lena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bone seo e mong le e mong wa baholo ba ntlo ya Iseraele a se etsang mafifing, ka kamoreng ya modingwana wa hae? “Ba re: ‘Morena ha a re bone! Morena o furaletse lefatshe!’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 8:12
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana ba Iseraele ba etsa ka sephiring ditaba tse sa kang tsa eba ntle ho Jehova, Modimo wa bona, ba ikgahela nqalo tse diphahameng metseng yohle ya bona, ho tloha ditoreng tsa dibohodi ho fihlela metseng e marako.


Pelong ya hae o re: Modimo o a lebala, o patile sefahleho sa wona, ha o tadime le ka mohla o le mong!


Lehlanya le itse pelong ya lona: Modimo ha o yo. Ba bodile, mesebetsi ya bona e manyala; ha ho ya etsang hantle.


se re: Na Modimo o ka tseba jwang? Mookamedi ya phahameng a ka ba le tsebo jwang?


Ho madimabe ba ipatang ka ho re, ba patela Jehova merero ya bona, ba etsang mesebetsi ya bona lefifing, ba reng: Ya re bonang ke mang? Ya re lemohileng ke mang?


O itshepetse bolotsana ba hao; o ne o re: Ha ke bonwe ke motho. Bohlale le tsebo ya hao ke tsona tse o thetsitseng, mme o itse pelong ya hao: Ke nna, ha ho e mong haese nna.


Yaba ho tla ho nna banna ba bang ba baholo ba Iseraele, ba dula pela ka.


Ka selemo sa bosupa, ka kgwedi ya bohlano, ka la leshome ho kgwedi, baholo ba bang ba Iseraele ba tla ho botsa Jehova, mme ba dula pela ka.


Hape, ho le banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba ntlo ya Iseraele; hara bona ho eme Jaasania, mora Shafane; ba eme pela tsona, e mong le e mong a ena le pitsa ya hae ya dibano ka letsohong la hae, mme mosi wa leru la dibano wa thukgubela.


A eketsa, a re ho nna: O sa tla bona manyala a mang a maholo a etswang ke bona.


A re ho nna: Mora motho, na o bone na? O sa tla bona manyala a mang a maholo a fetang ao.


A re ho nna: Mora motho, na o bone na? Na ke ntho e nyenyane hore ba ntlo ya Juda ba etse manyala a etswang ke bona mona, haele moo ba tlatsitse lefatshe ka bothata, mme ba ntse ba nkgalefisa na? O ka bona, ba isa lekala la morara dinkong tsa bona.


A re ho nna: Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ya Juda bo boholo haholoholo, lefatshe le tletse madi a tsholotsweng, mme motse o tletse lonya, hobane ba re: Jehova o furaletse lefatshe lena, Jehova ha a bone.


Nakong eo, ke tla batlisisa Jerusalema ka mabone, ke kgalemele banna bao ba hwamileng hodima ditshifa tsa bona, ba reng pelong tsa bona: Jehova ha a na ho etsa hantle, leha e le ho etsa hampe.


hobane le ho bolelwa tseo ba di etsang sephiring ke taba e hlabisang dihlong.


Ho rohakwe motho ya etsang setshwantsho se betlilweng, kapa se tsholotsweng, e leng ntho e manyala ho Jehova, mosebetsi wa matsoho a sebetli, mme a se bea nqalong e itseng e sephiri! Mme setjhaba sohle se tla dumela, se re: Amen!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ