Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 8:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hape, ho le banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba ntlo ya Iseraele; hara bona ho eme Jaasania, mora Shafane; ba eme pela tsona, e mong le e mong a ena le pitsa ya hae ya dibano ka letsohong la hae, mme mosi wa leru la dibano wa thukgubela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Kapele ho tsona ho ne ho eme baholo ba ntlo ya Iseraele ba mashome a supileng, mme Jaasaneya, mora wa Shafane, a eme hara bona, e mong le e mong wa bona a tshwere pitsana ya mokubetso, ho foqoha mosi wa mokubetso o entse leru.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 8:11
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a laela moprista Hilkia, le Akikame, mora Shafane, le Akbore, mora Mikea, le Shafane, mongodi, le Asaia, mohlanka wa morena, a re:


Ebile moprista Hilkia, le Akikame, le Akbore, le Shafane, le Asaia ba ya ho moporofeta Hulda, mosadi wa Shallume, mora Thikva, mora Harhase, mmoloki wa diaparo. O ne a ahile Jerusalema, karolong e nngwe ya motse. Ha ba mmoleletse,


Ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa ho busa ha Josiase, morena a romela mongodi Shafane, mora Atsalia, mora Meshullame, tlung ya Jehova, a re:


Yaba Hilkia, moprista e moholo, o re ho Shafane, mongodi: Ke fumane buka ya molao ka tlung ya Jehova. Hilkia a nea Shafane buka, mme a e bala.


Haele setjhaba se kileng sa sala fatsheng la Juda, se tlohetsweng ke Nebukadnesare, morena wa Babilona, a bea Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, hore e be mmusisi wa sona.


Empa eitse hobane a iphe matla, pelo ya hae ya ikakasa ho fihlela a ba a etsa sebe, a sitelwa Jehova, Modimo wa hae; hobane a kena tempeleng ya Jehova a tle a tjhese dibano aletareng ya dibano.


Empa Osiase a halefa; letsohong la hae o ne a tshwere pitsa ya ho tjhesa dibano. A re a sa halefetse baprista, lepera la hlaha phatleng ya hae pontsheng ya baprista, a le ka tlung ya Jehova, pela aletare ya dibano.


mme morena a laela Hilkia, le Akikame, mora Shafane, le Abdone, mora Mikea, le Shafane, mongodi, le Asaia mohlanka wa morena,


Yaba Modimo o re ho Moshe: Nyolohela ho Jehova, le ena le Aarone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba mashome a supileng ba Iseraele, mme le kgumame le sa le hole.


Moshe le Aarone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba Iseraele ba mashome a supileng, ba nyoloha; ba bona Modimo wa Iseraele;


Mmetli o otlolla thapo hodima lehong, a ngole setshwantsho ka potoloto, a se bope ka phalo, a se lekanye ka tekanyo, a se etse ka sebopeho sa motho le ka botle ba motho, se tle se lokele ho dula tlung.


Ho itswe ke Jehova: Eya, o ithekele pitsa ya letsopa ho mmopi, o ye le baholo ba bang ba setjhaba le baholo ba baprista;


Erekaha ba ntlhobohile, ba ngadile nqalo ena, mme teng dibano ba di tjheseditse medimo esele e sa kang ya tsejwa ke bona le ke bontata bona le ke marena a Juda, mme ba tlatsitse nqalo ena ka madi a se nang molato;


Yaba morena Jojakime o romela batho Egepeta, a roma Elnathane, mora Akbore, a ena le ba bang ho ya Egepeta.


Empa letsoho la Akikame, mora Shafane, la emela Jeremia, hore a se ke a neelwa matsohong a setjhaba ho bolawa.


Lengolo a le neeletsa matsohong a Eleasa, mora Shafane, le Gemaria, mora Hilkia, bao Tsedekia, morena wa Juda, a neng a ba romela Babilona, ho morena wa Babilona; le ne le re:


Baruke a bala mantswe a Jeremia lengolong, ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya Gemaria, mora Shafane, mongodi, lebaleng le kahodimo, lepatlelong la monyako o motjha wa ntlo ya Jehova, ditsebeng tsa setjhaba kaofela.


Ana dibano tsa lona tseo le neng le ntse le di tjhesa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, e le lona le bontata lona, le marena a lona le baholo ba lona, le setjhaba sa lefatshe, na Jehova ha a ka a di hopola na? Na ha a ka a elellwa pelong ya hae na?


Ke tla ya ho ba baholo, ke bue le bona, hobane bona ba tseba tsela ya Jehova le molao wa Modimo wa bona. Empa le bona kaofela ba robile joko, ba lokolotse ditlamo.


Morena wa Babilona a ba otla, a ba bolaela Ribla, lefatsheng la Hamathe. Juda a falatswa jwalo lefatsheng la hae, a iswa kgolehong.


Le reng? Le re, ho utswa, ho bolaya, ho feba, ho ana ka leshano, ho tjhesetsa Baale dibano, le ho tsamaela medimo esele eo le sa e tsebeng, le ka etsa tseo;


Ka selemo sa bosupa, ka kgwedi ya bohlano, ka la leshome ho kgwedi, baholo ba bang ba Iseraele ba tla ho botsa Jehova, mme ba dula pela ka.


Yaba ke a kena; eitse ha ke tadima, ka bona ditshwantsho tse ngata tsa dihahabi le tsa diphoofolo tse ilwang, le ditshwantsho tsohle tsa ntlo ya Iseraele di tshwantshitswe lerakong, ho le pota ka nqa tsohle.


bolayang, le be le timeletse maqheku, le bahlankana, le dikgarebe, le bana ba banyenyane, le basadi; ha e le ba nang le letshwao, le se ke la ba ama; hlong le qale ka sehalalelo sa ka. Yaba ba qala ka banna ba baholo ba leng pela tempele.


Morena, maswabi a difahleho ke a rona, le a marena a rona, le a mahosana a rona, le a bontata rona, hobane re o sitetswe.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Mphuthele banna ba mashome a supileng ba baholo ba Iseraele, bao o ba tsebang hoba ke baholo ba setjhaba le ba nang le matla hodima sona; o ba tlise pela tente ya pokano, hore ba tle ba itlhahise le wena teng.


Jehova a theoha lerung, a bua le yena, a nka moyeng o leng hodima Moshe, a o bea hodima baholo ba mashome a supileng. Eitse hobane moya o dule hodima bona, hang ba hla ba porofeta; empa ba se ke ba hlola ba pheta.


Le nkeng e mong le e mong pitsa ya hae ya dibano, le kenye dibano ho tsona, mme e mong le e mong a tlise pitsa ya hae ya dibano pela Jehova, e be dipitsa tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano; wena le Aarone, le nke e mong le e mong pitsa ya hae.


Ha tswa mollo ho Jehova, wa timeletsa banna bao ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba neng ba hlahisa dibano.


le pitsa ya kgauta ya dishekele tse leshome, e tletseng dibano;


Kamora taba tseo, Morena a boela a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle, le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ