Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 8:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka selemo sa botshelela, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ka re ke sa dutse tlung ya ka, le baholo ba Juda ba dutse pela ka, letsoho la Morena, e leng la Jehova, la nkwela hodimo hona teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya botshelela selemong sa botshelela, ha ke ntse ke dutse ka tlung ya ka, mme baholo ba Juda ba dutse kapele ho nna, matla a tswang ho Morena Modimo a ntsukutla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 8:1
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elisha o ba a dutse ha hae ka tlung, le baholo ba ne ba dutse le yena; morena a roma lenqosa la hae; empa lenqosa ha le eso ho fihle ho Elisha, yena a re ho baholo: Na le a bona hoba mora enwa wa mmolai o rometse ho nkgaola hlooho? Bonang, etlere ha lenqosa le etla, le kwale nmonyako, le tiise lemati pela lona; na diqi tsa maoto a monga lona ha di le latele na?


Yaba ho tla ho nna banna ba bang ba baholo ba Iseraele, ba dula pela ka.


Ha ho le jwalo, o bue le bona, o re ho bona: Morena Jehova o re: Leha e ka ba mang wa ntlo ya Iseraele ya kgomaretseng ditshwantsho tsa hae ka pelo ya hae, ya beileng lebaka la kgopiso la bokgopo maloka le yena, ha a etla ho moporofeta, nna ke leng Jehova, ke tla mo arabela ka bongata ba ditshwantsho tsa hae;


Ka selemo sa bosupa, ka kgwedi ya bohlano, ka la leshome ho kgwedi, baholo ba bang ba Iseraele ba tla ho botsa Jehova, mme ba dula pela ka.


Ka selemo sa boroba mono o le mong, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Eitse ka selemo sa leshome le motso o mong, ka la pele ho kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Ka selemo sa leshome, ka kgwedi ya leshome, ka letsatsi la leshome le metso e mmedi la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng, ka kgwedi ya pele, ka la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Yaba moya o a nkuka, mme ka utlwa modumo wa serwakgametsa kamora ka, ha thwe: Kganya ya Jehova e ke e bokwe bodulong ba hae!


Moya wa nkuka, wa ya le nna; ka ya ke hlabehile, ke hlokofetse pelo, mme letsoho la Jehova la sebetsa ho nna ka matla.


Ke sa le hona teng, letsoho la Jehova la dula ho nna, mme a re ho nna: Ema, o ye nahathothe; teng ke tla bua le wena.


Eitse ka selemo sa leshome le motso o mong, ka kgwedi ya pele, ka la bosupa la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Eitse ka selemo sa leshome le motso o mong, ka kgwedi ya boraro, ka la pele ho kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Eitse ka selemo sa leshome le metso e mmedi, ka letsatsi la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Eitse ka selemo sa leshome le metso e mmedi, ka la leshome le metso e mehlano la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Letsoho la Jehova la eba ho nna ka phirimana, mophonyohi a eso ho fihle, mme Jehova a ahlamisa molomo wa ka, ho fihlela a ba a etla ho nna hosasa; molomo wa ka wa ahlamiswa, ha ke a ka ka hlola ke eba semumu.


Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.


Letsoho la Jehova la eba teng ho nna, mme Jehova a ntlosa ka moya, a mpea hara thota, mme e ne e tletse masapo.


Selemong sa mashome a mabedi a metso e mehlano sa kgoleho ya rona, qalong ya selemo, ka la leshome la kgwedi, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene motse o sentswe, ka lona tsatsi leo, letsoho la Jehova la eba ho nna, mme a ntlisa mona.


Morena o tla lla, kgosana e ikapese ka bofifi, matsoho a setjhaba sa lefatshe a thothomele. Ke tla ba etsa ka mekgwa ya bona, ke ba ahlole ka dikahlolo tsa bona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Ha ke tadima, ka bona hoo e kang motho, sebopeho sa hae se le jwaloka mollo; ponahalo ya matheka a hae, ho isa tlase, e ne e le mollo; ho tloha mathekeng a hae ho isa hodimo, e ne e ka kganya, e ka ponahalo ya koporo e hlenneng.


Hobane melomo ya moprista e tshwanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batlwe molomong wa hae, hobane ke lenqosa la Jehova wa makgotla.


Ha ke a ka ka lakatsa silefera, leha e le kgauta, leha e le kobo ya e mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ