Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 7:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Leihlo la ka ha le ka ke la qenehela, ke tla hloka mohau; ke tla busetsa ho wena ka metsamao ya hao, manyala a hao a tla ba bohareng ba hao, mme le tla tseba hoba ke nna Jehova ya otlang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ha nka ke ka o hauhela kapa ka o utlwela bohloko. Ke tla o putsa ho ya ka boitshwaro ba hao le ka mesebetsi ya hao e manyala hara lona. Jwale le tla tseba hore ke nna Morena ya otlang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 7:9
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane setjhaba sena ha se kgutlele ho ya se otlang, ha se batle Jehova wa makgotla.


ke thulanye e mong le wa habo, banna le bara hammoho, ho bolela Jehova. Nke ke ka ba le mohau, leha e le ho qenehela, leha e le ho hauhela hore ke se ba timetse.


Kamora tseo, ho bolela Jehova, yena Tsedekia, morena wa Juda, le bahlanka ba hae, le setjhaba, le ba siilweng motseng ona ke lefu la sewa, le ke lerumo, le ke tlala, ke tla ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona le matsohong a bao e leng dira ho bona, le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; o tla ba otla ka bohale ba lerumo, a sa ba hauhele, a sa ba qenehele, a sa ba rekolohele.


Ke tla mo otla yena le lesika la hae le bahlanka ba hae ka baka la bokgopo ba bona, ke ba hlahisetse e le bona, le baahi ba Jerusalema, le ba ntlo ya Juda, bobe bohle boo ke bo boletseng bakeng sa bona, ba mpa ba sa ka ba utlwa.


Jehova o entse seo a neng a se rerile, o phethile polelo ya hae eo a neng a e laetse esale le mehleng ya kgale; o ripitlile, mme ha a ka a qenehela; o thabisitse ba o hloileng, o phahamisitse lenaka la bao e leng dira ho wena.


Jwalokaha silefera e qhibidiha seboping, le lona le tla qhibidiswa hara wona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova ke le tshelang ka kgalefo ya ka.


Ba tla busetsa molato wa bohlola ba lona ho lona, mme le tla jara kotlo ya dibe tseo le di entseng le ditshwantsho tsa lona, le tle le tsebe hoba ke nna Morena Jehova.


Ke hona Morena Jehova a reng: Ka nna ya phelang, erekaha o silafaditse sehalalelo sa ka ka tsohle tsa hao tseo ke di ilang le ka manyala wohle a hao, le nna ke tla o kgaola, leihlo la ka le sa o qenehele, ke sa o hauhele le hanyenyane.


Bonang letsatsi! bonang, le tlile! tsatsi la hao le fihlile, thupa ya ho otla e thuntse, boikakaso bo tswile monoko.


Hona jwale, ke ya tshollela kgalefo ya ka hodima hao, ke ya phetha bohale ba ka ho wena; ke tla o ahlola ka metsamao ya hao, ke bee manyala wohle a hao ho wena.


Lentswe la Jehova le howeletsa motse. Ya bohlale o tla hlokomela lebitso la hao, ha o re: Elang thupa hloko le ya e laelang.


Le se ke la thetswa, Modimo ha o songwe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.


Lewatle la busetsa bafu ba ho lona, lefu le lebitla tsa ntsha bafu ba ho tsona; e mong le e mong a ntoo ahlolwa ka mesebetsi ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ