Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 7:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Tsatsi la hao le tlile, wena ya ahileng lefatsheng lena; nako e tlile, letsatsi le atametse, ke la moferefere, e seng la pina e binwang dithabeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Letsatsi le o tjhabetse, wena ya ahileng naheng. Nako e fihlile, letsatsi la tsietsi le haufi, ha ho thabo e tla utlwahala dithabeng, haese mehoo ya tshabo feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 7:7
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha meso e hlaha, mangeloi a akofisa Lota, a re: Tsoha, o nke mosadi wa hao, le baradi ba hao ba babedi ba leng mona, esere mohlomong wa timela tshenyehong ya motse ona.


Yaba Jehova o nesetsa Sodoma le Gomora sebabole le mollo o tswang ho Jehova mahodimong.


Diphokojwe di tla lla matlung a marena a teng, diphiri di lle matlung a teng a dinyakallo. Nako ya Babilona e se e le haufi, matsatsi a hae a ke ke a eketseha.


Thabo le menyaka di faletse masimong a hao; masimo a merara ha a sa tswa dipina le mehoo ya thabo; ha ho sa hatelwa merara dihatelong; ke kgutsisitse ditjhao tsa bahati.


Bonang, mantsiboya, tshenyeho e hlahile hang; ha bo eso ho se, ha bo ho se ho se motho! Ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, le kabelo ya ba re hlobodisang.


Hobane ke letsatsi la matsoso, la ho tujwa, le la moferefere, le laotsweng ke Morena, Jehova wa makgotla, sekgutlong sa dipono; ho heletswa marako, mehoo ya tshoho e dumaela dithabeng.


Oho Jehova, o kile wa nthetsa, ka thetswa; o kile wa ntiisetsa matla, ka hlolwa. Ke hlile ke entswe ditsheho ka tsatsi lohle, ba ntshoma kaofela.


Hlabang dipoho kaofela tsa lona, di ke di theohele polaong. Ho madimabe bona, hobane ho tlile letsatsi la bona, nako ya kgalemelo ya bona.


Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Ha ho sa tla ba lentswe leha le le leng la ka le sa tla diehiswa; lentswe leo ke le buang, le mpa le tla etsahala: ho rialo Morena Jehova.


Efela tshiu eo e haufi: e, e haufi, tshiu ya Jehova; e tla ba tshiu e lefifi, e tla ba tshiu ya ditjhaba.


Nako e tlile, letsatsi le atametse. Moreki a se ke a thaba, morekisi le yena a se ke a lla, hobane kgalefo e ya tlela letshwele lohle la bona.


Jo! letsatsi! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla jwaloka tshenyeho e tswang ho Ya matla wohle.


Hobane bona, ya hlodileng dithaba, ya entseng moya, ya tsebisang motho tse hopotsweng ke yena, ya fetolang meso lefifi, ya tsamayang hodima diphahama tsa lefatshe, lebitso la hae lona ke Jehova, Modimo wa makgotla.


Hobane nako ena ke eo kahlolo ya Modimo e tshwanetseng ho qala ka ntlo ya Modimo; mme ha e qala ka rona, bofelo ba ba sa dumeleng Evangeli ya Modimo e tla ba eng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ