Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 7:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Morena o tla lla, kgosana e ikapese ka bofifi, matsoho a setjhaba sa lefatshe a thothomele. Ke tla ba etsa ka mekgwa ya bona, ke ba ahlole ka dikahlolo tsa bona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Kgosi e tla lla, kgosana e aparelwe ke maswabi, matsoho a setjhaba a tla thothomela. Ke tla ba ahlola ho ya ka boitshwaro ba bona, ke ba ahlole ho ya kamoo ba ileng ba ahlola ba bang kateng. Jwale ba tla tseba hore ke nna Morena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 7:27
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha tla monna wa Modimo, a re ho morena wa Iseraele; Jehova o re: Ka baka la hobane Basiria a ba itse: Jehova ke modimo wa dithaba, hase modimo wa mahwatata, ke tla neela bongata boo bo boholo matsohong a hao, le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.


Ba o hloileng ba tla apeswa dihlong, mme tente ya ba babe e tla lesa ho ba teng.


O ne a ipopa ka thohako jwaloka hola ke kobo, ya monyella ka ho yena jwaloka metsi, le jwaloka ole masapong a hae.


E ke e be ho yena jwaloka kobo eo a ikgatumetsang ka yona, le jwaloka senyepa seo a itlamang ka sona kamehla!


Bahanyetsi ba ka ba tla apeswa ka dihlong, mme kgoboho ya bona e ba kgathumetse jwaloka kobo.


A ba ke ba hlabiswe ke dihlong, ba tsielehe bona bohle ba thabelang tsietsi ya ka! Baikakasi ba ntwantshang a ba apeswe ke dihlong le nyediso!


Jehova o iponahaditse, o lokisitse; o tshwasa ya kgopo ketsong ya diatla tsa hae. (Higgaione. Sela.)


Ho madimabe molotsana, o dutse hampe; hobane o tla newa moputso wa mesebetsi ya matsoho a hae.


Ba tla le tshedisa, hobane le tla bona metsamao le mesebetsi ya bona, le tle le tsebe hoba hase feela ha ke mo etsa tsohle tseo ke mo etsang tsona: ho rialo Morena Jehova.


Ha ho le jwalo, ke tla le ahlola e mong le e mong ka tsela tsa hae, lona ba ntlo ya Iseraele: ho rialo Morena Jehova. Kgutlang, le sokolohe ditlolong tsohle tsa lona, hore bokgopo bo se ke ba le kgothometsa.


Haele wena, kgosana ya Iseraele, wena molotsana o seng o tla hlajwa, eo letsatsi la hao le fihlang nakong ya bokgopo ba ho qetella,


Marena wohle a lewatle a tla theoha diteroneng tsa wona; a tla hlobola dikobo tsa wona, a lahle diaparo tsa wona tse homilweng; a tla apara tshoho, a dule fatshe a ntse a sisimoha, a maketse ke wena.


Le wena, jwale, bofelo bo ya o tlela, ke ya o nehella bohale ba ka; ke ya o ahlola ka metsamao ya hao, ke bee manyala wohle a hao ho wena.


Ka selemo sa botshelela, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ka re ke sa dutse tlung ya ka, le baholo ba Juda ba dutse pela ka, letsoho la Morena, e leng la Jehova, la nkwela hodimo hona teng.


Mme le tla tseba hobane ke nna Jehova ke leng Modimo wa lona, nna ke dutseng Sione, thabeng ya ka e kgethehileng; Jerusalema e tla ba nqalo e kgethehileng, baditjhaba ha ba sa tla feta ho yona.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.


Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ