25 Tshenyeho e a tla, ba batla kgotso, mme ha e yo.
25 Mahlomola a a tla. Ba tla batla kgotso, empa ha e na ho ba teng.
Ha ho kgotso e boloketsweng ba bolotsana: ho bolela Modimo wa ka!
Erekaha ba fela ba kgelosa setjhaba sa ka, ba re: Kgotso! athe ha ho kgotso, mme erekaha tjhaba sena se haha lerako, mme ba le dila ka seretse ...
e leng baporofeta ba Iseraele, ba neng ba porofetela Jerusalema, ba neng ba mmonela dipono tsa kgotso, kanthe ha ho kgotso: ho rialo Morena Jehova.
Hobane moahi wa Marothe (ho baba) o kula ke ho llela molemo, hobane kotsi e tswile ho Jehova, e fihlile monyako wa Jerusalema.