Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 7:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ke ya tlisa ditjhaba tse fetisang ka bobe, di tle di rue matlo a bona; ke tla kgaotsa boikakaso ba dinatla, dinqalo tsa bona tse halalelang di silafatswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Ke tla tlisa bahedene ba tala, mme bona ba hape matlo a Baiseraele. Ke tla fedisa boikgohomoso ba dinatla tsa Baiseraele, dibaka tsa bona tse halalelang di silafatswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 7:24
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile moo Josefa a hlomang molao lefatsheng la Egepeta, ho fihlela kajenoabokajeno, hore Faro a newe karolo ya bohlano; masimo a baprista ke wona feela a sa kang a nkwa ke Faro.


a ba neela matsohong a ditjhaba; ba ba hloileng ba ba busa;


Ba tjhesitse sehalalelo sa hao ka mollo; ba hlompholotse, ba rapaladitse boaho ba lebitso la hao.


hobane ba re: A re inkeleng, re rue meaho ya Modimo!


Ka baka leo, nqalo ya bafu e ikgabolotse, molomo wa yona o ahlamile ka ho fetisisa; bokgabane ba Jerusalema bo tla theohela teng, le setjhaba sa hae, le menyaka ya hae, le ba ithabelang teng.


Basenyi ba ntse ba fihla marallaneng wohle a lefeella, hobane lerumo la Jehova le timetsa ho nka pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe; ha ho motho le a mong ya nang le kgotso.


Ka molato wa hao o tla senyehelwa ke lefa leo ke neng ke o neile lona; ke tla o etsa mofo wa bao e leng dira ho wena, lefatsheng leo o sa le tsebeng, hobane le tukisitse mollo wa kgalefo ya ka, o ya nne o tjhese ka ho sa feleng.


Tau e tswile letsabeng la yona, mosenyi wa ditjhaba o futuhile, o tswile nqalong ya hae ho senya lefatshe la hao, metse ya hao e tle e ripitlwe, e be e hloke moahi.


Matlo a bona a tla ruwa ke baditjhaba, le wona masimo le basadi hammoho, mohla ke otlollang letsoho la ka ho baahi ba lefatshe, ho bolela Jehova.


Lefa la rona le ile ho baditjhaba, le matlo a rona ho basele.


Mora motho, retelletsa sefahleho sa hao nqa Jerusalema, o rothisetse nqalo tse halalelang lentswe la hao, o porofetele naha ya Iseraele.


ke o tshollele kgalefo ya ka; ke tla o budulela mollo wa bohale ba ka, ke o neele diatleng tsa banna ba tshabehang, ba masene a ho timeletsa.


Ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla silafatsa sehalalelo sa ka, e leng boikgohomoso ba matla a lona, le takatso ya mahlo a lona, le se ratwang ke meya ya lona: bara ba lona le baradi ba lona bao le ba siileng ba tla dihuwa ke lerumo.


bona, ke tla o tlisetsa baditjhaba, ba thata hara ditjhaba; ba tla tsomola marumo a bona ho senya bohlale bo botle ba hao, ba silafatse bokgabane ba hao;


Ke tla etsa lefatshe nahathothe le lefeella, boikgohomoso bo matla ba lona bo tla fela, dithaba tsa Iseraele di senyehe, ho se e mong ya tlang ho feta ho tsona.


Menono ya bona e tla lobelwa, matlo a bona a senngwe; ba tla haha matlo, empa ba ke ke ba dula ho wona; ba tla hloma merara, empa ba ke ke ba enwa veine ya yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ