Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 7:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ke tla ba furallisetsa sefahleho sa ka; bao e leng dira ho nna ba tla silafatsa sehalalelo sa ka se patilweng; ba bohale ba tla kena Jerusalema, ba mo silafatse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Ke tla ba furalla, mme ba tla silafatsa Tempele ya ka. Mashodu a tla kena ka ho yona, a e silafatse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 7:22
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pelong ya hae o re: Modimo o a lebala, o patile sefahleho sa wona, ha o tadime le ka mohla o le mong!


Le wena Jehova, o a bona! O se ke wa kgutsa! Morena, o se ke wa emela hole le nna!


Ka mokgwa wa moya wa Botjhabela, ke tla ba qhalanya pela sera; ke tla ba tadima ka seholoholo, e seng ka sefahleho, tsatsing la tlokotsi.


Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla ba ditshila jwaloka nqalo ya Tofethe; e leng matlo kaofela ao ba hlwellang hodima wona ho tjhesetsa lekgotla lohle la lehodimo dibano le ho tshollela medimo esele dino.


Erekaha ba ntlhobohile, ba ngadile nqalo ena, mme teng dibano ba di tjheseditse medimo esele e sa kang ya tsejwa ke bona le ke bontata bona le ke marena a Juda, mme ba tlatsitse nqalo ena ka madi a se nang molato;


Ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla silafatsa sehalalelo sa ka, e leng boikgohomoso ba matla a lona, le takatso ya mahlo a lona, le se ratwang ke meya ya lona: bara ba lona le baradi ba lona bao le ba siileng ba tla dihuwa ke lerumo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ