Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 7:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ba ikgahlola ka seaparo se mahwashe, qhaqhaselo e ba apesitse; dihlong di teng difahlehong tsohle, dihlooho tsohle tsa bona ke tse mafatla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Ba tla itlama matheka ka tse mahwashe, tshabo e ba wele hodimo, fahleho tsa bona di aparelwe ke dihlong, hlooho tsa bona di phumohe mafatla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 7:18
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha letsatsi le ya dikela, boroko bo boholo ba tshwara Abrame, mme bona, botshabeho jwa lefifi le leholo jwa mo wela hodimo.


Leha ke hopola hoo, ke ye ke timellwe ke mehopolo, mme nama ya ka e sisimohe.


A ba ke ba hlabiswe ke dihlong, ba tsielehe bona bohle ba thabelang tsietsi ya ka! Baikakasi ba ntwantshang a ba apeswe ke dihlong le nyediso!


Bakeng sa monko o monate e tla ba sebodu, bakeng sa senyepa e be lerapo; bakeng sa mangetse a forilweng e tla ba mafatla, bakeng sa masatshana a basadi e be lesela le mahwashe, bakeng sa botle e be sefahleho se tjhesitsweng ka letshwao.


A re laleng hodima dihlong tsa rona, re apare sekgobo sa rona, hobane re sitetswe Jehova, Modimo wa rona, rona le bontata rona, ho nka botjheng ba rona ho fihlela tsatsi lena, mme ha re a ka ra mamela lentswe la Jehova, Modimo wa rona.


Hobane dihlooho tsohle di kutilwe, ditedu tsohle di beotswe; bohle ba phatsitswe matsoho, lesela le mahwashe le mathekeng a bona.


Le se ke la tswela naheng, le se nke maeto, hobane lerumo la sera le teng, ho tshabeha ka nqa tsohle.


Moradi wa setjhaba sa ka, o itlame ka lesela le mahwashe, o pitike moloreng; o itelele jwalokaha ho llelwa ya tswetsweng a nnotshi, ka dillo tse bohlokohloko, hobane mosenyi o ya re tlela ka sehloho.


Ba tla ipeola dihlooho ka wena, ba ikgahlole ka masela a mahwashe; ba tla o llela ka pelo tse babang, ba etse bofifi bo bohloko;


Lona baprista, itlameng ka masela a mahwashe, le lle; lona bahlanka ba aletare, le bokolle. Tloong, le robale maseleng a mahwashe, lona bahlanka ba Modimo wa ka, hobane ha ho sa le nyehelo le tshelo tlung ya Modimo wa lona.


Ke tla fetola mekete ya lona bofifi, le dipina tsohle tsa lona tsa monyaka ke di fetole tsa mahlomola; ke tla tentsha matheka wohle masela a mahwashe, dihlooho tsohle ke di etse mafatla, dillo tseo ke di etse tse tshwanang le dillo tse etsetswang mora a innotshi, qetello ya tsona e be jwaloka letsatsi le babang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ