Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 7:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Kantle ho na le lerumo, kateng ke lefu la sewa le tlala. Ya leng naheng o tla shwa ke lerumo, ya leng motseng a jewe ke tlala le lefu la sewa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 “Sabole e kathoko ho motse, kahare ho wona ke lefu la sewa le sekoboto. Ba hara naha ba tla bolawa ka sabole, ba kahara motse ba bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 7:15
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ke tswela naheng, ho bonwa ba bolailweng ke lerumo; leha ke kena motseng, ho bonwa ba shwang ke tlala; hape, haele moporofeta le yena moprista, ba lelera naheng eo ba sa e tsebeng.


Jehova, bona hobane ke mahlomoleng; mala a ka a duma, pelo ya ka e fetohile kahare ho nna, hobane nkile ka ikgantsha haholo; kantle, lerumo le ntse le bolaya, hae ha eso ke lefu.


Ho iketlile ba bolailweng ke lerumo ho feta ba bolailweng ke tlala; bana ba fedile ba bolailwe ke ho hloka se bewang ke tshimo.


Ke mpa ke tla phonyosa batho ba seng bakae ba bona lerumong le tlaleng le lefung la sewa, hore ba tle ba qaqise manyala wohle a bona ditjhabeng tseo ba fihletseng ho tsona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Boraro ba lona bo tla shwa ke lefu la sewa, kapa bo timele ke tlala hona ha eno; boraro bo bong bo tla dihuwa ke lerumo mathokong a hao; mme boraro bo bong ke tla bo qhalanyetsa ka nqa tsohle, ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


Morena Jehova o re: Opa ka diatla, o tile ka leoto, o re: Jo nna! ka baka la manyala wohle a mabe a ntlo ya Iseraele! ba ya wa ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa!


Ya leng hole o tla shwa ke lefu la sewa, ya leng haufi a we ka lerumo; ya tla sala a ntse a bolokehile, o tla shwa ke tlala, mme ke tla phetha kgalefo ya ka ho bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ