Lentswe la Jehova la tla ho nna, la re: Eya, o howe ditsebeng tsa Jerusalema, o re: Ho itswe ke Jehova: Ke ntse ke hopola borapedi ba botjha ba hao le lerato la hao mohla ke o nyalang, ha o ne o ntse o ntshala morao lefeelleng, lefatsheng le sa lengweng.
Ke tla ba otlollela letsoho la ka, ke etse lefatshe la bona lefeella le lebe ho feta lefeella la Dibla, hohle moo ba ahileng teng. Mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.
Di na le matla a ho kwala lehodimo, hore pula e se ke ya na ka matsatsi ao di porofetang ka wona; hape, di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka dikotsi tsohle, nakong tsohle tseo di ka ratang ho etsa jwalo.