Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 6:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ba phonyohileng ba lona ba tla nkgopola ba le ditjhabeng tseo e tla beng e le batshwaruwa hara tsona, hobane ke tla roba dipelo tsa bona tsa bofebe tse mphuraletseng, le mahlo a bona a fedileng ditshwantsho tsa bona, ho fihlela ba ba ba itlhoya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng ka manyala wohle a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ba phonyohileng sabole, ba ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng ho tsona e le bathopuwa, ba tla nkgopola, ba hopole kamoo ke swabisitsweng kateng ke dipelo tsa bona tse hlokang botshepehi, tse ileng tsa mphuralla, mme mahlo a bona a tadima medingwana ya bohata. Ba tla inyonya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng, le ka baka la manyala a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 6:9
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena Akase a ya Damaseka, a tle a kopane le Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a bona aletare e Damaseka; yaba morena Akase o romela ho moprista Uria setshwantsho sa aletare le mokgwa wohle oo e entsweng ka wona.


Ke fela ke inyatsa, mme ke iteta sefuba ke le leroleng le moloreng.


Mabopong a dinoka tsa Babilona re ne re dutse, re lla, ha re hopola Sione;


Ba o kwenehela hangata hakakang lefeelleng! ba nna ba o kgathatsa hakakang nahathothe!


Ha o a ka wa nthekela lehlaka le monko o monate ka ditjhelete, ha o a ka wa nkgorisa ka mafura a mahlabelo a hao; empa o nkgathaditse ka dibe tsa hao, o ntshwentse ka makgopo a hao.


Empa ba nna ba ikgantsha, ba halefisa Moya wa hae o Halalelang; yaba o ba fetohela sera, ya eba yena ya ba lwantshang.


Athe kaofela ha rona re fetohile ntho e ditshila, ho loka ha rona kaofela ho jwaloka kobo e ditshila haholo, re ponne kaofela jwaloka mahlaku, makgopo a rona a ya le rona jwaloka sefefo.


Yaba Esaia o re: Utlwang jwale, lona ba ntlo ya Davida: Hleka ke ntho e nyenyane ho lona ho kgathatsa batho, haele moo le kgathatsa le Modimo wa ka na?


Feela o ipolele bokgopo ba hao, hobane o kwenehetse Jehova, Modimo wa hao, o nnile wa mathela ka nqa tsohle ho medimo ya ditjhaba, katlasa difate tsohle tse mahlaku; le mpa le sa ka la mamela lentswe la ka, ho bolela Jehova.


Mehleng ya morena Josiase, Jehova a re ho nna: Na o bone seo Iseraele mokwenehi a se entseng? O ile le dithaba tsohle tse phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku, a nna a feba teng.


Lona ba phemileng lerumo, tlohang, le se ke la ema; hopolang Jehova le sa le hole, Jerusalema a ke a hlokomelwe ke dipelo tsa lona.


Ke mpa ke tla phonyosa batho ba seng bakae ba bona lerumong le tlaleng le lefung la sewa, hore ba tle ba qaqise manyala wohle a bona ditjhabeng tseo ba fihletseng ho tsona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Erekaha o sa ka wa hopola ditshiu tsa botjha ba hao, mme o bile manyadi ho nna nthong tseo tsohle, le nna ke tla o jarisa molato wa metsamao ya hao hloohong: ho rialo Morena Jehova; mme ha o sa tla ekeletsa manyala a hao wohle ka ditshila tse ding.


O tla hopola metsamao ya hao, o hlabiswe ke dihlong ka yona, mohla o amohelang banabeno, baholwane ba hao le baena ba hao, bao ke tla o nea bona hore e be baradi ba hao, empa e seng ka ho ya ka selekane sa hao.


hore o tle o hopole, o hlajwe ke dihlong, mme o se ke wa hlola o ahlamisa molomo wa hao ka baka la dihlong tsa hao, mohla ke o leballang tsohle tseo o di entseng; ho rialo Morena Jehova.


kahobane ba sa ka ba etsa ka melao ya ka, ba mpa ba lahlile dikomelo tsa ka, ba silafaditse Disabatha tsa ka, mme mahlo a bona a nna a latela ditshwantsho tsa bontata bona.


Ka fela ka ba isa naheng eo ke neng ke emisitse letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa yona, mme teng ba bona maralla wohle a phahameng le difate tsohle tse mahlaku; teng, ba hlaba mahlabelo, ba hlahisa dinyehelo tsa bona tse mphephetsang, ba re, ba bea dibano tse monko o monate, ba ba ba tshela ditshelo tsa bona.


Teng, le tla elellwa mekgwa yohle ya lona le diketso tsohle tsa lona tseo le neng le itshilafaditse ka tsona, le ikgobohellwe ka baka la tse mpe tsohle tseo le di entseng;


mme ka re ho bona: Ho lahle e mong le e mong diila tse kapele ho mahlo a hae, le se ke la itshilafatsa ka ditshwantsho tsa Egepeta: ke nna Jehova, Modimo wa lona.


O tla etswa jwalo, kahobane o entse bohlola le ditjhaba kamoo o itshilafaditseng kateng ka ditshwantsho tsa tsona.


Bohale ba ka bo tla phethahala, ke tla ba imetsa ka kgalefo ya ka, ke tle ke iphetetse; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova ke buileng poulelong ya ka, mohla ke phethang kgalefo ya ka ho bona.


Mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova: hase lefeela ha ke ne ke itse: Ke tla ba ntsha kotsi eo.


Etlare hobane ba phonyohileng ba bona ba phonyohe, bohle ba tla ba dithabeng, ba lle jwaloka maeba a dikgutlo, e mong le e mong hodima bokgopo ba hae.


Oho! nka o lahla jwang, Efraime? Iseraele, nka o tela jwang? Nka o lahla jwang jwaloka Adma? Nka o etsa jwang jwaloka Tseboime? Pelo ya ka e fetoha ka ho nna, mehauhelo ya ka yohle e tsohile.


Bonang, ke tla le hatisa, jwaloka koloi e tletseng mangata ha e hatisa lefatshe;


Ha e le ditshwantsho tsa hao tse betlilweng le tse tsholotsweng, ke tla di fedisa mahareng a hao, mme ha o sa tla kgumamela mosebetsi wa matsoho a hao.


Leha ke ba jadile hara ditjhaba, ba tla nkgopola naheng tse hole, mme ba tla phela le bara ba bona, ba be ba kgutle.


Tjellane eo e rokilweng, etlere ha le e tadima, le hopole ditaelo tsohle tsa Jehova, le di etse; le ke ke la batla tsa boithatelo ba dipelo tsa lona le ba mahlo a lona, kamoo bo ntseng bo le febisa kateng;


Mahlo a bona a tletse bofebe le sebe se sa phetseng, ba tjheha meya e dikadikang; ba na le dipelo tse hlalefetseng ho batla leruo; ke ba rohakilweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ