Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 6:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Dialetare tsa lona di tla heletswa, ditshiya tsa lona tsa letsatsi di rojwe, mme ke tla dihela ba bolailweng ba lona pela ditshwantsho tsa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Dialetare tsa lona di tla heletswa, medimo ya lona ya bohata e pshatlwe, mme babolauwa ba lona ke ba akgele kapele ho medingwana eo ya lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 6:4
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A hoeletsa aletare ka taelo ya Jehova, a re: Wena aletare, aletare, Jehova o re: Bona, ngwana o tla tswallwa ntlo ya Davida, lebitso la hae e le Josiase; o tla hlaba hodima hao baprista ba nqalo tse diphahameng, ba tjhesang dibano hodima hao, le masapo a batho a tla tjheswa hodima hao.


A robaka ditshwantsho, a poma le diashera, mme tulo tsa tsona a di tlatsa ka masapo a batho.


le metseng yohle ya Juda a heletsa dinqalo tse diphahameng le ditshiya tsa letsatsi. Mme ntwa ya eba siyo ho yena mmusong wa hae.


Ka mokgwa o jwalo, sebe sa Jakobo se lefetswe; ke ena tholwana ya tshwarelo ya sebe sa hae: Jehova o entse majwe kaofela a dialetare jwaloka majwe a kalaka a besitsweng, a silakantsweng, hore diashera le ditshwantsho tsa letsatsi di se ke tsa hlola di tsoswa.


O tla robaka ditshwantsho tsa Bethe-Shemeshe tse lefatsheng la Egepeta, le matlo a medimo ya Egepeta a a tjhese ka mollo.


Ka baka leo, ho bolela Jehova, bonang, ho tla matsatsi ao ho sa tlo ka ho bitswa Tofethe ka wona, leha e le kgohlo ya mora Hinnome, empa ho tla bitswa kgohlo ya polao, mme ho tla epelwa ditopo Tofethe, ka ho hloka sebaka.


Mme le tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ba bolailweng ba bona ba tla rapalla hara ditshwantsho tsa bona ka nqa tsohle ho dialetare tsa bona, le maralleng wohle, le diqhoweng tsohle tsa dithaba, le katlasa difate tsohle tse mahlaku, le tlasa dieike tsohle tse mahlaku, dinqalong tsohle tseo ba tjheseditseng ditshwantsho tsa bona dibano tse monko o monate.


Ke tla senya nqalo tsa lona tse diphahameng; ke tla diha ditshiya tsa lona tsa letsatsi, ke felahanye ditopo tsa lona hodima medimo ya lona ya ditshwantsho, mme moya wa ka o tla be o tenwe ke lona.


Ha ba boela ba tsoha e sa le ka meso ka la hosasane, ba bona Dagone a boetse a wetse fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, hlooho ya Dagone le diatla tse pedi tsa hae di kgaohile, di le pela monyako, ho setse setopo sa hae feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ