Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 6:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 o re: Thaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Jehova! Morena Jehova o re ho dithaba le ho maralla, ho dikgohlo le ho dikgutlo: Ke nna enwa, ke le tlisetsa lerumo, mme ke tla timetsa nqalo tsa lona tse diphahameng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 o re: ‘Lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Modimo. Morena Modimo o bua tjena ho dithaba le ho maralla, le ho dinoka le ho dikgohlo: Nna ka sebele sa ka, ke tla le bolaya ka sabole, mme ke fedise dibaka tsa lona tsa borapedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 6:3
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane le bona ba iketsetsa nqalo tse diphahameng le ditshwantsho le diashera, maralleng wohle a phahameng le tlasa difate tsohle tse tala.


Ka mokgwa o jwalo, sebe sa Jakobo se lefetswe; ke ena tholwana ya tshwarelo ya sebe sa hae: Jehova o entse majwe kaofela a dialetare jwaloka majwe a kalaka a besitsweng, a silakantsweng, hore diashera le ditshwantsho tsa letsatsi di se ke tsa hlola di tsoswa.


Mme hodima thaba e nngwe le e nngwe e phahameng, le hodima leralla le leng le le leng le hodileng, melatswana e tla ba teng ya metsi a phallang, mohla letsatsi la polao e kgolo, mohla ditora di wang.


Hobane e se e le kgale o robile joko ya hao, o lokolotse ditlamo tsa hao, wa re: Ha ke sa tla sebeletsa. Ke moo o ineetseng bootswa marallaneng wohle a phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku.


Hela lefatshe, lefatshe, lefatshe, mamela lentswe la Jehova!


Efela poloko e tswang maralleng le dithabeng ke thetso feela; efela pholoho ya Iseraele e ho Jehova, Modimo wa hae.


Mehleng ya morena Josiase, Jehova a re ho nna: Na o bone seo Iseraele mokwenehi a se entseng? O ile le dithaba tsohle tse phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku, a nna a feba teng.


Haele lona, dithaba tsa Iseraele, le tla hlomela mahlomela a lona, le beele setjhaba sa ka sa Iseraele ditholwana tsa lona, hobane se se se le lekgatheng la ho fihla.


Ke tla kenya lerumo hara lona, le tlang ho pheteletsa selekane sa ka; etlare ha le bokane metseng ya lona, ke tla romela lefu la sewa hara lona, mme le tla neelwa matsohong a dira.


Ke tla senya nqalo tsa lona tse diphahameng; ke tla diha ditshiya tsa lona tsa letsatsi, ke felahanye ditopo tsa lona hodima medimo ya lona ya ditshwantsho, mme moya wa ka o tla be o tenwe ke lona.


Nqalo tse diphahameng tsa Isaaka di tla senngwa, le nqalo tse kgethehileng tsa Iseraele di fediswe, mme ke tla phahamela ntlo ya Jeroboame ka lerumo.


Utlwang he seo Jehova a se bolelang: Ema, o tseke pontsheng ya dithaba, maralla le wona a utlwe lentswe la hao!


Lona dithaba, utlwang nyewe ya Jehova, le utlwe le lona metheo e tiileng ya lefatshe; hobane nyewe e teng pakeng tsa Jehova le setjhaba sa hae, mme o tseka le Iseraele; o re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ